Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/07 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Fumana ‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Likhatiso Tsa Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Likhatiso Tsa Karolo ea 1
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 9/07 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Na “lekhoba le tšepahalang le le masene” le tšehetsa lihlopha tse ikemetseng tsa Lipaki tse bokanang hammoho ho etsa lipatlisiso ka Mangolong kapa tse a tšohlang?—Mat. 24:45, 47.

Che, ha se li tšehetse. Leha ho le joalo, likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, batho ba seng ba kae ba kopanelang le mokhatlo o hlophisitsoeng oa rōna ba thehile lihlopha tse iketsetsang lipatlisiso litabeng tse amanang le Bibele. Ba bang ba tsoela pele ka sehlopha se ikemetseng sa ho ithuta Seheberu sa Bibele le Segerike e le hore ba hlahlobisise ho nepahala ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ba bang bona ba etsa lipatlisiso ka litaba tsa saense tse amanang le Bibele. Ba qapile Li-Web site le mecha ea puisano e bulehileng k’homphieutheng e le hore ba ka fapanyetsana le ho tšohla maikutlo a bona. Ba boetse ba tšoara liboka tse khōlō le ho hatisa lingoliloeng ho hlahisa seo ba se fumaneng le ho tlatselletsa ho se buuoang libokeng tsa rōna tsa Bokreste le ka har’a lingoliloeng tsa rōna.

Lefatšeng lohle, batho ba Jehova ba fumana lijo tse ngata tsa moea le khothatso libokeng tsa phutheho, likopanong tse khōlō le tse nyenyane le ka har’a lingoliloeng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Jehova o sebelisa moea o halalelang oa hae le Lentsoe la hae la ’nete hore a fane ka se hlokahalang e le hore batho bohle ba Molimo ba “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana” le hore ba ’ne ba ‘tsitsisoe tumelong.’ (1 Bakor. 1:10; Bakol. 2:6, 7) Ka sebele re leboha litokisetso tsa moea tsa Jehova matsatsing ana a ho qetela. Kahoo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” ha le tšehetse lingoliloeng leha e le life, liboka, kapa Li-Web site tse sa etsoang kapa tse sa hlahisoang ka tataiso ea lona.—Mat. 24:45-47.

Ke ntho e babatsehang ha batho ba batla ho sebelisa menahano ea bona ho tšehetsa litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ha ho matsapa ao batho ba a nkang a lokelang ho fapoha seo Jesu Kreste a se finyellang ka phutheho ea hae e lefatšeng kajeno. Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a lemosa ka ho kenella litabeng tse telele, le tse senyang nako, tse kang tsa “maloko, tseo qetello ea tsona e leng lefeela, empa tse hlahisang lipotso bakeng sa phuputso ho e-na le ho aba ntho leha e le efe e tsoang ho Molimo mabapi le tumelo.” (1 Tim. 1:3-7) Bakreste bohle ba lokela ho loanela ho ‘sesefa litsekisano tsa booatla le maloko le ho qabana le lintoa mabapi le Molao, kaha ha li ruise molemo ’me ke tsa lefeela.’—Tite 3:9.

Re khothalletsa batho ba batlang ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng le ho etsa lipatlisiso hore ba batlisise ho Insight on the Scriptures, “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo” le lingoliloeng tse ling tsa rōna, tse kang tse tšohlang boprofeta bo libukeng tsa Bibele tsa Daniele, Esaia le Tšenolo. Li fana ka boitsebiso bo bongata bakeng sa ho ithuta Bibele le ho thuisa, bo ka re thusang ho ‘tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore re tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore re mo khahlise ka botlalo ha re ntse re tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.’—Bakol. 1:9, 10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela