Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 October
  • Beke e Qalang ka la 15 October
  • Beke e Qalang ka la 22 October
  • Beke e Qalang ka la 29 October
  • Beke e Qalang ka la 5 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 10/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 October

Pina ea 56

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea phutheho, bontša kamoo ho ka nehelanoang ka Molula-Qhooa oa October 15 le Tsoha! ea October. Pontšong ka ’ngoe, ho lokela hore ho fanoe ka limakasine tseo li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Bua ka litokisetso tsa ho ea tšimong e sa abuoang ka October. Ba khothalletse ho etsa boiteko ba ho qetela ba ho e tšehetsa.

20 mets: Lula Haufi le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng khaolong ea 17 bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.

15 mets: “Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka November!”a Ka bokhutšoanyane bua ka se fuperoeng ke Tsoha! ea November. Ebe u tsoela pele ho tšohla sehlooho sena ka lipotso le likarabo. Ha u tšohla serapa sa 3, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Tsoha! ea November ho sebelisoa tlhahiso e leqepheng la 8 kapa nehelano e ’ngoe e loketseng tšimo ea lōna. Rala motheo bakeng sa leeto le latelang pele u phethela pontšo.

Pina ea 10

Beke e Qalang ka la 15 October

Pina ea 67

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: Na ’Nete e Beha Litholoana ho Bao U ba Rutang? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhoeeng oa February 1, 2005, leqepheng la 28-30. Akarelletsa le lintlha tse bontšang kamoo lipotso tse bukeng ea Seo Bibele e se Rutang li etselitsoeng ho re thusa ho tseba se ka pelong ea seithuti. Tšohla mehlala e seng mekae, joaloka khaolo ea 1, serapa sa 19; khaolo ea 2, serapa sa 4; khaolo ea 3, serapa sa 24; le khaolo ea 4, serapa sa 18. Khothalletsa bahoeletsi hore ba sebelise hamolemo litšobotsi tse sa tšoaneng tsa buka ena.

15 mets: Na U sa Hopola? Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhoeeng oa August 15, 2007, leqepheng la 19.

Pina ea 151

Beke e Qalang ka la 22 October

Pina ea 175

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November li ka tsamaisoang kateng.

30 mets: “Latelang Kreste ka ho Bontša ho Hlompheha” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2007.b E behoe ke mongoli oa phutheho. Bolela kopano eo phutheho e abetsoeng ho ea ho eona. Tšohla lebokose le reng “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.”

Pina ea 23

Beke e Qalang ka la 29 October

Pina ea 124

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa October. Bolela buka e tsamaisoang ka November, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo e le ’ngoe.

15 mets: Ipehele Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 15, 2004, leqepheng la 21-3. Kōpa bamameli hore ba bolele lipakane tsa moea tseo ba ipehetseng tsona le hore na ba etsa’ng hore ba li finyelle. Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

20 mets: “Fanang ka Tšepo ho Mafutsana.”c Ha ho tšohloa serapa sa 2, kopanyelletsa le lintlha tse tsoang Tsoheng! ea September 8, 2003, leqepheng la 28-9.

Pina ea 7

Beke e Qalang ka la 5 November

Pina ea 156

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Tsela ea ho Sireletsa Bana ba Hao ka Bohlale ba Bomolimo. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 1, 2005, leqepheng la 23-7.

20 mets: “Rea Khothatsana Kaofela.”d Kōpa bamameli hore ba bolele ka ho toba hore na molebeli ea tsamaeang o ba khothalitse joang ha a ne a etetse phutheho. Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

Pina ea 192

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela