Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 1 le Tsoha! ea January.
15 mets: “Sebelisa Nako ea Hao ea Tšimo Hamolemo.”a Buisana le mor’abo rōna ea behang mohlala tseleng eo a etellang sehlopha pele tšebeletsong ea tšimo. O lokiselletsa joang hore sehlopha se ee tšimong le hore se sebelise nako ea tšimo hamolemo?
20 mets: “Seo le se Buang Kamehla e ke e be . . . se Nōkiloeng ka Letsoai.”b Ha u tšohla serapa sa 2, bala Johanne 4:7-15, 39.
Beke e Qalang ka la 21 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bolela buka e tsamaisoang ka February, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo e le ’ngoe. Khothalletsa bohle hore ba shebelle video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights ha ba lokisetsa puisano e tla tšoaroa Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 4 February.
10 mets: Na U Sebelisa Bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng selelekeleng sa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2008. Bolela hore ke habohlokoa hore e mong le e mong a iphe metsotso e seng mekae letsatsi ka leng hore a hlahlobe Lengolo le tlhaloso. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba entse kemiso efe ea ho hlahloba temana le hore na ba ruile molemo ofe. U ka buisana le a le mong kapa ba babeli esale pele. Tšohla temana ea selemo ea 2008 hakhutšoanyane.
25 mets: “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo.”c (Lir. 1-10) E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao e ileng ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang selemong se fetileng le hoja ba le maphathaphathe kapa ba kula. Ba ile ba khona joang? Ba ile ba thabisoa ke eng? Ha u tšohla serapa sa 7, bolela kemiso ea liboka tsa tšebeletso ea tšimo ka March, April le May.
Beke e Qalang ka la 28 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa February 1 le Tsoheng! ea February. Ka mor’a ho etsa kenyelletso e khutšoanyane ea khatiso ka ’ngoe, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka ipiletsang ho batho tšimong hona e le ka lebaka lefe. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tseo ba rerileng ho li buella. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe? Lengolo leo le ka kenyelletsoa joang? U sebelisa linehelano tse leqepheng la 8, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang.
20 mets: “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo.”d (Lir. 11-17) Haeba le na le limemo tse khethehileng tsa Sehopotso, abela e mong le e mong e le ’ngoe ha u tšohla serapa sa 14. Bolela litokisetso tse entsoeng tsa ho e aba tšimong.
15 mets: “Thusa Liithuti Tsa Bibele Hore e be Bahoeletsi ba Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso.”e Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a sa qotsoang.
Beke e Qalang ka la 4 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla Lebokose la Lipotso.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
25 mets: “Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?” E lokela ho fanoa ke moholo. Kena tabeng hang-hang ’me u buisane le bamameli ka video e reng Patient Needs and Rights, u sebelisa lipotso tse hlahang sehloohong sena. Phetha ka ho bala serapa sa ho qetela ’me u khothalletse bohle hore ba hlahlobe ka hloko Molula-Qhooa le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tse boletsoeng. Hlalosa kamoo e mong le e mong ea e-s’o tlatse DPA a ka sebelisang mathathamo a kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2007 ho mo thusa ho iketsetsa liqeto tse mabapi le likaroloana tsa mali le liphekolo ebe o ngola liqeto tseo kareteng ea DPA. Ba seng ba tlatsitse karete ea DPA ba lokela ho hlahloba bocha liqeto tseo ba li entseng, ’me haeba ho hlokahala, ba tlatse karete e ’ngoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.