Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/08 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 February
  • Beke e Qalang ka la 18 February
  • Beke e Qalang ka la 25 February
  • Beke e Qalang ka la 3 March
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 2/08 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 February

Pina ea 168

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 1 le Tsoha! ea February.

15 mets: Na U ka Fallela Moo ho Nang le Tlhokahalo e Khōloanyane? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 15, 2003, leqepheng la 20. Akarelletsa le litlhaloso tse bukeng ea Ho Hlophisetsoa, leqepheng la 111, serapeng sa 1, ho ea leqepheng la 112, serapeng sa 1. Ka bokhutšoanyane buisana le ba itseng ba falletseng moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane. Ba ile ba thulana le mathata afe, ’me ba a hlōla joang? Ba ile ba rua melemo efe?

20 mets: Thusa ba Bacha Hore e be Baboleli ba Khemang le Linako. Ka mor’a kenyelletso ea nako e ka tlaase ho motsotso, tšohla sehlooho se Molula-Qhooeng oa December 1, 2005, leqepheng la 31, u sebelisa lipotso tse sehloohong seo. Ka mor’a ho tšohla serapa sa 18, lokisetsa hore ho be le pontšo eo ho eona mong’a ntlo a hanyetsang mohoeletsi e mocha ea sebetsang le mohoeletsi ea nang le phihlelo. Mohoeletsi e mocha ha a arabe ka tsela e khotsofatsang, ’me mong’a ntlo o khaotsa moqoqo. Ha ba tloha ntlong eo, ka mofuthu mohoeletsi ea nang le phihlelo o babatsa mohoeletsi e mocha ka boiteko ba hae, ’me ka mor’a moo o mo bontša hore na a ka sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka joang ha a araba motho ea batlang ho khaotsa moqoqo nakong e tlang.

Pina ea 50

Beke e Qalang ka la 18 February

Pina ea 17

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: “Bopaki ba Tumelo e Matla!”a E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Phetha ka ho khothatsa phutheho ka seo e se finyeletseng selemong se fetileng sa tšebeletso.

Pina ea 194

Beke e Qalang ka la 25 February

Pina ea 81

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa February. Bala tlaleho ea lichelete le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo memo ea Sehopotso e ka sebelisoang kateng ho mema setho sa lelapa kapa moahelani.

20 mets: “Ho Hopola Thekollo le ho e Ananela.”b Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba buelle mangolo a bontšitsoeng.

15 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Limakasine Tsa Morao-rao. Puisano le bamameli. Ka mor’a ho hlalosa makasine ea Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho tšimong hona hobane’ng. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tse tobileng tseo ba rerang ho li buella lihloohong tseo. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe le hlahang sehloohong seo? Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka buelloang Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March ho sebelisoa litlhahiso tseo.

Pina ea 119

Beke e Qalang ka la 3 March

Pina ea 223

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela lintlha-khōlō tse lebokoseng la “Likhopotso Tsa Sehopotso.”

20 mets: Na U ka Qalisa Thuto ea Bibele ka March? Puisano le bamameli. Ka March re tla tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ka morero oa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Hlahloba likarolo tse ikhethang tsa buka ena. Bolela kamoo re ka e buellang kateng ha re khutlela ho motho ea bontšitseng thahasello ha re mo siela memo ea Sehopotso, ha re khutlela ho motho eo re mo sietseng makasine, le ha re e tsamaisa tšebeletsong ea ntlo le ntlo ka mor’a la 22 March. (Bona km-SU 3/06 leq. 1, ser. 3; maq. 3-6; km-SU 8/07 leq. 3) Lokisetsa hore ho be le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli ho sebelisoa linehelano tseo.

15 mets: Sebelisa Bibele ha U Araba Lipotso. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 143-4. Akarelletsa le pontšo e khutšoanyane eo ho eona mohoeletsi a botsoang potso e tloaelehileng tšimong ea phutheho ebe o sebelisa Bibele ho e araba.

Pina ea 145

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela