Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/08 leq. 8
  • Bopaki ba Tumelo e Matla!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bopaki ba Tumelo e Matla!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • “Bopaki ho Lichaba Tsohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 2/08 leq. 8

Bopaki ba Tumelo e Matla!

1. Jesu o ile a profeta liketsahalo life tse tšosang?

1 Baapostola ba ile ba mamela Jesu ka hloko ha a ba bolella ka ho ba teng ha hae le ka qetello ea tsamaiso ea lintho. Moloko oa batho o ne o tla hlaheloa ke liketsahalo tse tšosang—lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, le lefu la seoa. Ka mor’a moo, Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba tla hlouoa, ba bakeloe matšoenyeho ’me ba bolaoe. Ho ne ho tla ba le baprofeta ba bohata ’me ba khelose ba bangata. Lerato la ba bangata le ne le tla fola.

2. Ke hobane’ng ha e le ho hlollang hore ebe litaba tse molemo li boleloa lefatšeng ka bophara?

2 Ka lebaka leo, e tlameha ebe baapostola ba ile ba makala ha Jesu a re litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mat. 24:3-14) Kajeno re bona ha boprofeta boo bo thabisang bo phethahala ka tsela e hlollang. Le hoja re phela linakong tse mahlonoko, Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa litaba tse molemo ka cheseho. Ha lerato la lefatše le ntse le fola, lerato la rōna le ntse le tuka ho ea pele. Le hoja re hloiloe ke “lichaba tsohle,” re bolela hoo e ka bang sechabeng se seng le se seng.

3. U bona lipalo life tse u khothatsang Tlalehong ea Lefatše Lohle?

3 Ruri hoa khothatsa ho hlahloba mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o entseng selemong se fetileng sa tšebeletso joalokaha ho bontšitsoe chateng e leqepheng la 3 ho ea ho la 6. E se e le lilemo tse 16 ka ho latellana ho qetoa lihora tse fetang limilione tse sekete mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ruri ke bopaki ba tumelo e matla! Bo-pula-maliboho ba eketsehile ka karolo ea 8,7 lekholong, bahoeletsi ba eketseha ka karolo ea 3,1 lekholong ’me lithuto tsa Bibele tsa eketseha ka karolo ea 4,4 lekholong. Palo ea batho ba kolobelitsoeng e eketsehile ka karolo ea 20,1 lekholong ha ho bapisoa le selemong se fetileng sa tšebeletso. Ruri hoa thabisa ho bona hore batho ba ka bang limilione tse supileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi—hona joale ba bangata ho feta leha e le neng pele! Ha u ntse u hlahloba chate, u bona eng e u khothatsang ka ho khetheha?

4. Ke mathata afe ao monna e mong a ileng a a hlōla ha a ntse a hahamalla ho kolobetsoa?

4 Le hoja re ka khahloa ke lipalo tsena, ha rea lokela ho lebala hore hase lipalo feela empa ke batho ba bontšitseng tumelo e matla. Nahana ka mohlala ona. Guillermo o hōletse Bolivia. O hlahile ka 1935, ’me o ne a sebetsa masimong a coca ho tloha ha a le lilemo li robong. Ho tloha ha a le monyenyane, o ne a hlafuna makhasi a coca hore a hlaphole hlooho ka mor’a ho sebetsa ka thata. Hamorao o ile a noa ho tlōla tekano ’me a tsuba lisakerete. Ha Guillermo a ntse a ithuta seo Jehova a se hlokang ho eena, o ile a khaotsa ho tsuba ’me a tlohela ho noa ho tlōla tekano. Bothata ba hae bo boholo e ne e le ho tlohela ho hlafuna makhasi a coca ao a neng a se a a lemaletse. O ile a rapela a sa phetse ’me a khona ho hlōla bothata bona. Kaha o ne a se a tlohetse mekhoa eo e mebe, o ile a kolobetsoa. O re: “Hona joale ke ikutloa ke hloekile ebile ke thabile haholo.”

5. U labalabela eng?

5 Ka sebele Jehova o thahasella batho. O lakatsa hore bohle ba fihle pakong. (2 Pet. 3:9) Ke seo le rōna re se lakatsang. E se eka lipelo tsa rōna li ka re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rōna ho tsoela pele re thusa batho ba lipelo li ntle hore ba tsebe Jehova ’me ba mo rate joaloka rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela