“Bopaki ho Lichaba Tsohle”
“Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—LIKETSO 1:8.
1. Barutuoa ba ile ba qala ho utloa boprofeta bo tlalehiloeng ho Matheu 24:14 neng, hona ba ne ba le hokae?
MANTSOE a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 24:14 a tloaelehile hoo bongata ba rōna re a tsebang ka hlooho. Ka sebele mantsoe ana ke boprofeta bo tsotehang! Nahana feela hore na barutuoa ba ile ba nahana’ng ha ba qala ho bo utloa! E ne e le ka selemo sa 33 C.E. Barutuoa ba ne ba bile le Jesu ka lilemo tse ka bang tse tharo, ’me joale ba ne ba tlile le eena Jerusalema. Ba ne ba bone mehlolo eo a neng a e etsa le ho mamela lithuto tsa hae. Le hoja ba ne ba thabela linnete tsa bohlokoa tseo Jesu a neng a ba rutile tsona, ba ne ba bona hore hase bohle ba neng ba thabile. Jesu o ne a e-na le lira tse matla le tse nang le tšusumetso.
2. Barutuoa ba ne ba tla tobana le lintho life tse kotsi le mathata?
2 Barutuoa ba bane ba ne ba lutse le Jesu Thabeng ea Mehloaare ba mametse ka hloko ha a ntse a bua ka likotsi le liphephetso tse tlang tseo ba neng ba tla tobana le tsona. Pejana, Jesu o ne a ba boleletse hore o ne a tla bolaoa. (Matheu 16:21) Joale, o ile a hlakisa hore le bona ba ne ba tla hanyetsoa ka sehlōhō. O ile a re: “Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” Ho ne ho sa tl’o fella moo. Baprofeta ba bohata ba ne ba tla khelosa batho ba bangata. Ba bang ba ne ba tla khoptjoa ebe baa hloeana le ho ekana. Ha e le hantle, ba bang “ba bangata” ba ne ba tla lumella hore ho rata ha bona Molimo le Lentsoe la hae ho fole.—Matheu 24:9-12.
3. Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu a ho Matheu 24:14 a makatsa e le kannete?
3 Ha Jesu a qeta ho bua ka maemo ao a nyahamisang, o ile a bua polelo eo e tlamehang ebe e ile ea makatsa barutuoa bao. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ka sebele, mosebetsi oa ho ‘pakela ’nete’ oo Jesu a ileng a o qala Iseraele, o ne o tla tsoela pele ’me o saballe lefatšeng lohle. (Johanne 18:37) Ha ho pelaelo hore boprofeta bona boa hlolla! Ho ne ho tla ba boima ho atolosetsa mosebetsi oo ‘lichabeng tsohle,’ ’me e ne e tla ba mohlolo hore ba o etse ba ‘hloiloe ke lichaba tsohle.’ Ho finyella mosebetsi ona o moholohali ho ne ho tla phahamisa bobusi ba Jehova le matla a hae, ho be ho phahamise le lerato la hae mohau oa hae le ho se fele pelo ha hae. Ho phaella moo, ho ne ho tla fa bahlanka ba hae monyetla oa ho bonahatsa tumelo le boinehelo.
4. Ke bo-mang ba ileng ba bolelloa hore ba etse mosebetsi oa ho paka, ’me Jesu o ile a fana ka khothatso efe?
4 Jesu ha aa ka a patela barutuoa ba hae hore o ba file mosebetsi oa bohlokoa haholo. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a itlhahisa ho bona eaba o re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ho hlakile hore ba bang ba ne ba tla tloha ba ba thusa. Leha ho le joalo, barutuoa ba ne ba fokola ka palo. E tlameha ebe ka sebele ho ne ho khothatsa ho tseba hore moea o matla o halalelang oa Molimo o ne o tla ba matlafatsa hore ba phethe mosebetsi ona oo ba neng ba o filoe ke Molimo!
5. Barutuoa ba ne ba sa tsebe eng ka mosebetsi oa ho paka?
5 Barutuoa ba ne ba tseba hore ba lokela ho bolela litaba tse molemo ba be ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Empa ba ne ba sa tsebe hore na ho tla fanoa ka bopaki bo phethahetseng hakae, ebile ba ne ba sa tsebe hore na bofelo bo tla tla neng. Le rōna ha re tsebe. Tsena ke litaba tse etsetsoang qeto ke Jehova feela. (Matheu 24:36) Ha bopaki bo fanoe ka tsela e khotsofatsang Jehova, o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Bakreste ba tla bona ka nako eo feela hore mosebetsi oa ho bolela o entsoe ho fihlela moo Jehova a neng a batla. Barutuoa bao ba pele ba ne ba ke ke ba bona esale pele hore na ho ne ho tla fanoa ka bopaki bo boholo hakae nakong ena ea bofelo.
Ho Paka Lekholong la Pele la Lilemo
6. Ho ile ha etsahala’ng ka Pentekonta ea 33 C.E. le nakoana ka mor’a moo?
6 Lekholong la pele la lilemo, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa o ile oa beha litholoana tse hlollang. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ka bang 120 ba ne ba le Jerusalema kamoreng e ’ngoe e ka holimo. Ba ile ba tšolleloa moea o halalelang oa Molimo, moapostola Petrose a fana ka puo e matla e hlalosang hore na mohlolo ona o bolela eng, ’me batho ba bang ba ka bang 3 000 e ile ea e-ba balumeli eaba baa kolobetsoa. Tseo e ne e sa le linyane. Ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba baeta-pele ba bolumeli ba hore ba thibele ho boleloa ha litaba tse molemo, “Jehova a tsoela pele ho . . . eketsa [barutuoa] letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.” Kapele, “palo ea banna ea e-ba ba ka bang likete tse hlano.” Ka mor’a moo, “balumeli Moreneng ba ’na ba tsoela pele ho eketseha, matšoele a banna hammoho le a basali.”—Liketso 2:1-4, 8, 14, 41, 47; 4:4; 5:14.
7. Ke hobane’ng ha ho sokoloha ha Korneliase e bile ketsahalo ea bohlokoa?
7 Selemong sa 36 C.E, ho ile ha bonoa ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa, e leng ho sokoloha le ho kolobetsoa ha Korneliase oa Molichaba. Ha Jehova a lebisa moapostola Petrose ho monna enoa ea tšabang Molimo, o ile a mo bontša hore taelo ea Jesu ea hore ho ‘etsoe batho ba lichaba tsohle barutuoa,’ e ne e sa lokela ho phethahatsoa feela ho Bajuda ba linaheng tse fapa-fapaneng. (Liketso 10:44, 45) Ba neng ba etella pele ba ile ba etsa joang? Ha baapostola le banna ba baholo ba Judea ba lemoha hore litaba tse molemo li ne li lokela ho isoa le ho lichaba tseo e seng Bajuda—ba ile ba tlotlisa Molimo. (Liketso 11:1, 18) Khabareng, mosebetsi oa ho bolela o ne o ntse o beha litholoana har’a Bajuda. Lilemo hamorao, hoo e ka bang ka 58 C.E., ntle ho balumeli ba Balichaba, ho ne ho e-na le “likete tse ngata . . . tsa balumeli [ba] Bajuda.”—Liketso 21:20.
8. Litaba tse molemo li ama batho ka bomong joang?
8 Le hoja lipalo tse bontšang keketseho har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo li thabisa, re se ke ra lebala hore lipalo tseo li emela batho. Molaetsa oa Bibele oo ba ileng ba o utloa o ne o le matla. (Baheberu 4:12) O ile oa fetola haholo bophelo ba ba neng ba o amohela. Batho ka bomong ba ile ba qala ho hloekisa bophelo ba bona, ba apara botho bo bocha, eaba ba boelana le Molimo. (Baefese 4:22, 23) Ho joalo le kajeno. Bohle ba amohelang litaba tse molemo ba na le tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16.
Ba Sebetsang le Molimo
9. Bakreste ba pele ba ile ba lemoha hore ba filoe tlotla efe le boikarabelo?
9 Bakreste ba pele ha baa ka ba itlotlisa ka seo ba neng ba se finyella. Ba ile ba lemoha hore mosebetsi oa bona oa ho bolela o ne o tšehelitsoe ke “matla a moea o halalelang.” (Baroma 15:13, 19) Ke Jehova ea neng a ikarabella ka khōlo ea moea. Leha ho le joalo, Bakreste bao ba ne ba tseba hore ba ne ba filoe tlotla le boikarabelo ba ho ba “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakorinthe 3:6-9) Kahoo, tumellanong le keletso ea Jesu, ba ile ba ikitlaetsa ka matla mosebetsing oo ba neng ba o abetsoe.—Luka 13:24.
10. Bakreste ba bang ba pele ba ile ba etsa boiteko bofe ba ho paka lichabeng tsohle?
10 Kaha Pauluse e ne e le “moapostola ho lichaba,” o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete lefatšeng le leoatleng, a theha liphutheho tse ngata profinseng ea Roma ea Asia esita le Greece. (Baroma 11:13) O ile a ea le Roma ’me mohlomong le Spain. Khabareng, moapostola Petrose, ea neng a filoe boikarabelo ba ho bolela ‘litaba tse molemo bakeng sa ba neng ba bolotse,’ o ile a leba ka lehlakoreng le leng ho ea bolela litaba tse molemo Babylona, setsing se seholo sa bolumeli ba Sejuda nakong eo. (Bagalata 2:7-9; 1 Petrose 5:13) Har’a bongata ba ba ileng ba etsa mosebetsi oa Morena ke basali ba kang Tryfina le Tryfosa. Mosali e mong ea bitsoang Persise, ho boleloa hore eena o ile a “etsa mesebetsi e mengata Moreneng.”—Baroma 16:12.
11. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba barutuoa joang?
11 Jehova o ile a hlohonolofatsa haholo boiteko ba basebetsi bao le ba basebetsi ba bang ba neng ba cheseha. Lilemo tse ka tlaase ho tse 30 ka mor’a hore Jesu a bolele esale pele hore ho ne ho tla pakoa lichabeng tsohle, Pauluse o ile a ngola hore ‘litaba tse molemo’ li ne li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakolose 1:23) Na bofelo bo ile ba tla ka nako eo? Ka tsela e itseng, bo ile ba fela ba tla. Bo ile ba tlela tsamaiso ea lintho ea Bajuda ka selemo sa 70 C.E. ha mabotho a Roma a timetsa Jerusalema le tempele ea eona. Leha ho le joalo, Jehova o ne a rerile hore ho ne ho tla fanoa ka bopaki bo boholo haholo pele a felisa tsamaiso ea lintho ea Satane ea lefatše lohle.
Bopaki bo Fanoang Kajeno
12. Liithuti Tsa Bibele tsa pele li ile tsa utloisisa taelo ea ho bolela litaba tse molemo joang?
12 Hamorao lekholong la bo19 la lilemo, borapeli bo hloekileng bo ile ba hlomamisoa hape ka mor’a nako e telele ea hore bokoenehi bo rene. Liithuti Tsa Bibele, kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, li ile tsa utloisisa taelo ea hore ho etsoe barutuoa lefatšeng lohle. (Matheu 28:19, 20) Ka selemo sa 1914, ho ne ho e-na le batho ba ka bang 5 100 ba neng ba etsa mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo, ’me litaba tse molemo li ne li fihlile linaheng tse 68. Leha ho le joalo, Liithuti tseo tsa pele tsa Bibele li ne li sa utloisise hantle bohlokoa ba Matheu 24:14. Qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, mekhatlo ea Bibele e ne e fetoletse, ebile e hatisitse Bibele—e leng buka e nang le litaba tse molemo, kapa kosepele—ebile e e abile lefatšeng lohle ka lipuo tse ngata. Kahoo, ka lilemo tse mashome, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa nahana hore bopaki bo ne bo se bo fanoe lichabeng.
13, 14. Ke kutloisiso efe e hlakileng haholo ea thato ea Molimo le morero oa hae e ileng ea hlahisoa Molula-Qhooeng o mong oa 1928?
13 Butle-butle Jehova o ile a fa batho ba hae kutloisiso e hlakileng haholo ea thato ea hae le morero oa hae. (Liproverbia 4:18) Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1928, o ile oa re: “Na re ka bolela hore ho ajoa ha Bibele ho entse hore ho finyelloe [mosebetsi oa] ho bolela esale pele kosepele ea ’muso? Che! Ho sa tsotellehe ho ajoa ha Bibele, ho sa ntse ho hlokahala hore sehlopha se senyenyane sa Molimo sa lipaki se lefatšeng se hatise lingoliloeng tse hlalosang [morero] oa Molimo le hore se etele malapeng ao ho siiloeng Libibele tsena ho ’ona. Ho seng joalo, batho ba ne ba ke ke ba tseba ka ho hlongoa ha ’muso oa Bomesia mehleng ea rōna.”
14 Molula-Qhooa oo o ile oa tsoela pele ka ho re: “Ka 1920, . . . Liithuti Tsa Bibele li ile tsa utloisisa hantle boprofeta ba Morena oa rōna bo ho Matheu 24:14. Ka nako eo li ile tsa lemoha hore ‘kosepele ena’ e neng e lokela ho boleloa lefatšeng lohle e le bopaki ho Balichaba kapa lichaba tsohle, e ne e se kosepele ea ’muso oo e leng hona o tla tla empa e ne e le kosepele ea hore Morena oa Bomesia o qalile ho busa lefatše.”
15. Mosebetsi oa bopaki o eketsehile hakae ho tloha ka bo-1920?
15 ‘Sehlopha seo se senyenyane sa lipaki’ sa lilemong tsa bo-1920 ha sea ka sa lula se le senyenyane. Lilemo tse mashome hamorao, ho ile ha hlokomeleha hore ho na le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ’me bo ile ba qala ho bokelloa. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Kajeno, ho na le baboleli ba ka bang 6 613 829 ba litaba tse molemo linaheng tse 235 tsa lefatše. See se phethahatsa boprofeta ka tsela e hlollang hakaakang! Ha ho mohla “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li kileng tsa boleloa ka tsela e pharaletseng hakana. Ha ho mohla bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba kileng ba e-ba bangata hakana lefatšeng.
16. Selemong sa tšebeletso se fetileng ho ile ha finyelloa eng? (Bona chate e leqepheng la 27-30.)
16 Letšoele lena la Lipaki le ne le tšoarehile haholo selemong sa tšebeletso sa 2005. Ho ile ha qetoa lihora tse fetang sekete sa limilione linaheng tse 235 ho boleloa litaba tse molemo. Ho ile ha etsoa maeto a ho boela a limilione, ha ba ha khannoa lithuto tsa Bibele tse limilione. Mosebetsi ona o entsoe ke Lipaki Tsa Jehova, tseo ka ho rata li tetseng nako ea tsona le matlotlo a tsona e le hore li bolelle ba bang Lentsoe la Molimo. (Matheu 10:8) Jehova o tsoela pele ho matlafatsa bahlanka ba hae ka moea oa hae o halalelang o matla, e le hore ba etse thato ea hae.—Zakaria 4:6.
Ho Ikitlaelletsa ho Fana ka Bopaki
17. Batho ba Jehova ba arabela joang mantsoeng a Jesu a reng ho boleloe litaba tse molemo?
17 Le hoja ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 Jesu a ile a bolela hore litaba tse molemo li ne li tla boleloa, cheseho eo batho ba Molimo ba nang le eona mosebetsing ona ha ea fokotseha. Rea tseba hore ha re mamella ho etseng se setle, re bonahatsa litšobotsi tsa Jehova tsa lerato, mohau le ho se fele pelo. Joaloka eena, ha re lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa re lakatsa hore batho ba bake ’me ba boelane le Jehova. (2 Bakorinthe 5:18-20; 2 Petrose 3:9) Kaha Lipaki Tsa Jehova lia cheseha ka lebaka la moea oa Molimo, ka mafolofolo li tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Baroma 12:11) Ka lebaka leo, hohle batho ba amohela ’nete ba bile ba etsa lintho tumellanong le tataiso e lerato ea Jehova. Nahana ka mehlala e seng mekae.
18, 19. U ka pheta liphihlelo life tsa batho ba ileng ba nka bohato bo loketseng ka litaba tse molemo?
18 Monna e mong ea bitsoang Charles e ne e le sehoai Kenya bophirimela. Ka 1998 o ile a rekisa lik’hilograma tse fetang tse 8 000 tsa koae a ba a abeloa khau ea ho ba Sehoai se Hloahloa sa Koae. Nakong eona eo, o ile a qala ho ithuta Bibele. Kapele feela o ile a hlokomela hore motho ea amehang tlhahisong ea koae o tlōla taelo ea Jesu ea hore motho a rate moahelani. (Matheu 22:39) Ka mor’a hore Charles a etse qeto ea hore ‘sehoai se hloahloa sa koae’ ha e le hantle ke ‘’molai ea hloahloa,’ o ile a fafatsa koae eo a neng a e lemile ka chefo. O ile a tsoela pele hoo a ileng a inehela ho Molimo a ba a kolobetsoa ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla hape ke mohlanka ea sebeletsang.
19 Ha ho pelaelo hore Jehova o sisinya lichaba ka bopaki bo fanoang lefatšeng lohle, ’me ho kena lintho tse lakatsehang—e leng batho. (Hagai 2:7) Pedro o lula Portugal, ’me o ile a kena seminaring ha a e-na le lilemo tse 13. Pakane ea hae e ne e le ho ba moromuoa le ho ruta Bibele. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana, o ile a tloha seminareng hobane lithutong tsa hae Bibele e ne e rutoa seoelo. Lilemo tse tšeletseng hamorao o ne a ithuta thuto ea kelello univesithing e ’ngoe ea Lisbon. O ne a lula le ’mangoan’ae, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ea ileng a mo khothalletsa ho ithuta Bibele. Ka nako eo, Pedro o ne a sa tsebe hantle hore na ebe Molimo o teng, ebile a sitoa ho etsa qeto ea hore na a ithute Bibele kapa che. O ile a tsebisa tichere ea hae ea thuto ea kelello hore ha a tsebe hore na a etse joang. Tichere ea hae e ile ea mo bolella hore molao-motheo o mong oa thuto ea kelello ke hore motho ea sitoang ho etsa liqeto oa itšoetsa. Ha a utloa seo, Pedro o ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele. O sa tsoa kolobetsoa ’me hona joale le eena o khanna lithuto tsa Bibele.
20. Ke hobane’ng ha re ka thaba hore ebe bopaki bo fanoang lichabeng bo etsoa libakeng tse ngata hakaale?
20 Le hona joale re ntse re sa tsebe hore na bopaki bo tla fanoa hakae lichabeng, ebile ha re tsebe letsatsi le hora tseo bofelo bo tla tla ka tsona. Re tseba feela hore bo tla tla haufinyane. Re thabela hore ebe ho boleloa ha litaba tse molemo libakeng tse ngata hakana ke e ’ngoe feela ea lipontšo tsa hore nako e atametse ea hore ’Muso oa Molimo o nke sebaka sa mebuso ea lefatše. (Daniele 2:44) Ha selemo se seng le se seng se feta, batho ba limilione ba fuoa monyetla oa ho nka khato ka litaba tse molemo tseo ba li bolelloang, ’me sena se tlotlisa Jehova, Molimo oa rōna. E se eka boikemisetso ba rōna e ka ba ho lula re tšepahala le hore rōna le barab’abo rōna lefatšeng ka bophara re ka tsoelapele re phathahane mosebetsing oa ho paka lichabeng tsohle. Ha re etsa joalo, re tla ipholosa re be re pholose le ba re mamelang.—1 Timothea 4:16.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha boprofeta ba Matheu 24:14 e le bo tsotehang hakaale?
• Bakreste ba pele ba ile ba etsa boiteko bofe ba ho bolela litaba tse molemo, ’me bo ile ba beha litholoana life?
• Liithuti Tsa Bibele li ile tsa utloisisa joang hore hoa hlokahala ho pakela lichaba tsohle?
• U khahloa ke eng ha u hlahloba mosebetsi oa batho ba Jehova oa selemo se fetileng sa tšebeletso?
[Chate e leqepheng la 27-30]
ILALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2005 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Pauluse o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete lefatšeng le leoatleng e le hore a bolele litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Jehova o ile a laela Petrose hore a pakele Korneliase le lelapa la hae