Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/1 maq. 13-18
  • Lipaki Tsa Bakreste Bakeng sa Bobusi ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Bakreste Bakeng sa Bobusi ba Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki Tsa Bohata
  • Ho Phela ka Melao-motheo ea Bomolimo
  • Lipaki ke Liithuti Tsa Bibele
  • Mesebetsi e Meholo ea Jehova
  • Litaba Tse Molemo li Lokela ho Boleloa
  • Lipaki Khahlanong le Melimo ea Bohata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Bopaki ho Lichaba Tsohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Le ka Mohla U se Lebale Hore U Paki!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu Kreste, Paki e Tšepahalang
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/1 maq. 13-18

Lipaki Tsa Bakreste Bakeng sa Bobusi ba Molimo

“‘Le [bolele] hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.”—1 PETROSE 2:9, NW.

1. Ke bopaki bofe bo matla bo ileng ba fanoa ka Jehova mehleng ea pele ho Bokreste?

MEHLENG ea pele ho Bokreste, lethathamo le lelelele la lipaki le ile la paka ka sebete hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. (Ba-Heberu 11:4–12:1) Li le matla tumelong, li ile tsa utloa melao ea Jehova li se na tšabo ’me tsa hana ho sekisetsa litabeng tsa borapeli. Li ile tsa fana ka bopaki bo matla bobusing ba bokahohle ba Jehova.—Pesaleme ea 18:21-23; 47:1, 2.

2. (a) Paki ea Jehova e khōlō ka ho fetisisa ke mang? (b) Ke mang ea ileng a nkela sechaba sa Iseraele sebaka e le paki ea Jehova? Re tseba joang?

2 Paki ea ho qetela le e khōlō ka ho fetisisa ea mehleng ea pele ho Bokreste e ne e le Johanne Mokolobetsi. (Mattheu 11:11) O ne a e-na le tokelo ea ho tsebahatsa ho tla ha Ea Khethiloeng, ’me o ile a tsebahatsa Jesu e le Messia ea tšepisitsoeng. (Johanne 1:29-34) Jesu ke Paki ea Jehova e khōlō ka ho fetisisa, “paki e tšepehang, ea ’nete.” (Tšenolo 3:14) Kahobane Baiseraele ba nama ba ile ba hana Jesu, Jehova o ile a ba hana ’me a khetha sechaba se secha, e leng Iseraele oa Molimo oa moea, hore e be paki ea hae. (Esaia 42:8-12; Johanne 1:11, 12; Ba-Galata 6:16) Petrose o ile a qotsa boprofeta mabapi le Iseraele ’me a bontša hore bo sebetsa ho “Iseraele oa Molimo,” phutheho ea Bokreste, ha a ne a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, sehlopha sa batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.”—1 Petrose 2:9, NW; Exoda 19:5, 6; Esaia 43:21; 60:2.

3. Boikarabelo bo ka sehloohong ba Iseraele oa Molimo le ba “bongata bo boholo” ke bofe?

3 Mantsoe a Petrose a bontša hore boikarabelo bo ka sehloohong ba Iseraele oa Molimo ke ho fana ka bopaki ba phatlalatsa ka khanya ea Jehova. Mehleng ea rōna “bongata bo boholo” ba lipaki boo le bona bo tlotlisang Molimo phatlalatsa bo ikopantse le sechaba sena sa moea. Bo hooa ka mantsoe a phahameng e le hore bohle ba ka utloa: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” (Tšenolo 7:9, 10; Esaia 60:8-10) Iseraele oa Molimo le balekane ba hae ba ka finyella bopaki ba bona joang? Ka tumelo ea bona le kutlo.

Lipaki Tsa Bohata

4. Ke hobane’ng ha Bajode ba mehleng ea Jesu e ne e le lipaki tsa bohata?

4 Tumelo le kutlo li akarelletsa ho phela tumellanong le melao-motheo ea bomolimo. Bohlokoa ba sena bo bonoa ho seo Jesu a se buileng ka baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba mehleng ea hae. Bana ba ne “ba lutse litulo tsa Moshe” joaloka matichere a Molao. Ba bile ba romela baromuoa hore ba sokolle bao e seng balumeli. Empa, Jesu o ile a re ho bona: “Le tsamaea le leoatle le lefatše lohle ho etsa morutuoa a le mong, ’me ha a se a entsoe, le mo etsa ngoana oa lihele habeli ho fetisa lōna.” Bana ba tšehetsang bolumeli ka botšepehi e ne e le lipaki tsa bohata—tse ikakasang, tse ikaketsang le tse se nang lerato. (Mattheu 23:1-12, 15) Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re ho Bajode ba bang: “Le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna.” Ke hobane’ng ha a ne a bua ntho e joalo sechabeng sa Molimo se khethiloeng? Hobane ba ne ba sa boloke mantsoe a Paki ea Jehova e khōlō ka ho fetisisa.—Johanne 8:41, 44, 47.

5. Re tseba joang hore Bokreste-’mōtoana bo fane ka bopaki ba bohata ka Molimo?

5 Ka tsela e tšoanang, makholong a lilemo ho tloha mehleng ea Jesu, ba limilione tse makholo Bokreste-’mōtoaneng ba ’nile ba bolela hore ke barutuoa ba hae. Leha ho le joalo, ha baa ka ba etsa thato ea Molimo ka hona Jesu ha a ba amohele. (Mattheu 7:21-23; 1 Ba-Korinthe 13:1-3) Bokreste-’mōtoana bo rometse baromuoa, bao ho seng pelaelo hore bongata ba bona bo ne bo tiile. Empa ba ile ba ruta batho ho rapela molimo oa Boraro-bo-bong o chesang baetsalibe mollong oa lihele, ’me bongata ba basokolohi ba bona bo bontša bopaki bo fokolang ba hore ke Bakreste. Ka mohlala, naha ea Afrika ea Rwanda e ’nile ea e-ba tšimo e nonneng ea baromuoa ba Roma e K’hatholike. Ho ntse ho le joalo, Mak’hatholike a Rwanda a ile a kenella ka boikemisetso bohle ntoeng ea morabe e sa tsoa loanoa naheng eo. Litholoana tšimong eo ea baromuoa li bontša hore ha e-ea ka ea fumana bopaki ba sebele ba Bokreste ho Bokreste-’mōtoana.—Mattheu 7:15-20.

Ho Phela ka Melao-motheo ea Bomolimo

6. Ke ka litsela life boitšoaro bo nepahetseng e leng tšobotsi ea bohlokoahali ea ho fana ka bopaki?

6 Boitšoaro bo fosahetseng ba ba bolelang hore ke Bakreste bo tlisetsa “tsela ea ’nete” thohako. (2 Petrose 2:2) Mokreste oa ’nete o phela tumellanong le melao-motheo ea bomolimo. Ha a utsoe, ha a qale leshano, ha a qhekelle kapa hona ho kopanela boitšoarong bo bobe. (Ba-Roma 2:22) Ho hang ha a bolaee moahisani oa hae. Banna ba Bakreste ba hlokomela malapa a bona ka lerato. Basali ba tšehetsa tlhokomelo eo ka tlhompho. Batsoali ba koetlisa bana ba bona ’me ka tsela eo ba ba lokisetsa hore e be Bakreste ba nang le boikarabelo ha ba hōla. (Ba-Efese 5:21–6:4) Ke ’nete, kaofela ha rōna ha rea phethahala ’me re etsa liphoso. Empa Mokreste oa ’nete o hlompha litekanyetso tsa Bibele ’me o etsa boiteko ba sebele ba ho li sebelisa. Ba bang ba hlokomela sena ’me se fana ka bopaki bo botle. Ka linako tse ling, bao pele ba neng ba hanyetsa ’nete ba ile ba lemoha boitšoaro bo nepahetseng ba Mokreste ea itseng ’me ba ile ba susumelletseha ho lumela.—1 Petrose 2:12, 15; 3:1.

7. Ho bohlokoa hakae hore Bakreste ba ratane?

7 Jesu o bontšitse tšobotsi ea bohlokoahali ea boitšoaro ba Bokreste ha a ne a re: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Lefatše la Satane le khetholloa ka batho ba tletseng “bokhopo bohle, le bootsoa, le lonya, le takatso ea moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le khang, le thetso, le manganga. Ke basebi, ke baetselletsi, ke ba hloeang Molimo, ke barohaki, ke baikhantši, ke baikhohomosi, ke ba qapang limpe, ke ba sa utloeng baholo ba bona.” (Ba-Roma 1:29, 30) Tikolohong e joalo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše ka bophara o khetholloang ka lerato e ne e tla ba bopaki bo matla ba tšebetso ea moea oa Molimo—bopaki bo atlehang. Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo o joalo o hlophisitsoeng.—1 Petrose 2:17.

Lipaki ke Liithuti Tsa Bibele

8, 9. (a) Ho ithuta Molao oa Molimo le ho thuisa ka oona ho ile ha matlafatsa mopesaleme joang? (b) Thuto ea Bibele le ho thuisa li re matlafatsa ka litsela life hore re tsoele pele ho fana ka bopaki?

8 E le hore Mokreste a ka atleha ho fana ka bopaki bo molemo, o tlameha ho tseba le ho rata melao-motheo ea Jehova e lokileng ’me a hloee bobolu ba lefatše e le kannete. (Pesaleme ea 97:10) Lefatše lea phehella ha le khothalletsa monahano oa lona, ’me ho ka ba thata ho hanela moea oa lona. (Ba-Efese 2:1-3; 1 Johanne 2:15, 16) Ke’ng se ka re thusang ho boloka boikutlo ba kelello bo loketseng? Thuto ea Bibele ea kamehla le e nang le morero. Khafetsa mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a bolela lerato la hae bakeng sa Molao oa Jehova. O ne a o bala le ho thuisa ka oona kamehla, “tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:92, 93, 97-105) Ka lebaka leo, o ne a ka ngola: “Ke hloile, ke nyonya leshano; empa ke rata molao oa hao.” Ho feta moo, lerato la hae le tebileg le ile la mo susumelletsa ho nka bohato. O re: “Ke u rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la likahlolo tsa ho loka ha hao.”—Pesaleme ea 119:163, 164.

9 Ka tsela e tšoanang, thuto ea rōna ea kamehla ea Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona li tla ama lipelo tsa rōna le ho re susumelletsa ho ‘mo rorisa’—ho paka ka Jehova—khafetsa, esita le “hasupa ka letsatsi.” (Ba-Roma 10:10) Tumellanong le sena, mongoli oa pesaleme ea pele o bolela hore ea thuisang ka mantsoe a Jehova kamehla, ka sebele o tla ba “joalo ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se behang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; see a se etsang kaofela sea mo atla.” (Pesaleme ea 1:3) Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša matla a Lentsoe la Molimo ha a ne a ngola: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.

10. Ke’ng se totobetseng ka batho ba Jehova mehleng ee ea qetello?

10 Keketseho e potlakileng lenaneng la barapeli ba ’nete lekholong lena la bo20 la lilemo e bontša tlhohonolofatso ea Jehova. Ntle ho pelaelo leha e le efe, joaloka sehlopha, lipaki tsena tsa kajeno bakeng sa bobusi ba Molimo li hlaoletse lerato bakeng sa molao oa Jehova ka lipelong tsa tsona. Joaloka mopesaleme, li susumelletseha ho utloa molao oa Hae ’me ka botšepehi li paka ka khanya ea Jehova “motšehare le bosiu.”—Tšenolo 7:15.

Mesebetsi e Meholo ea Jehova

11, 12. Mehlolo e entsoeng ke Jesu le balateli ba hae e ile ea finyella eng?

11 Lekholong la pele la lilemo, moea o halalelang o ile oa fa lipaki tsa Bakreste tse tšepahalang matla a ho etsa mehlolo, e ileng ea fana ka bopaki bo matla ba hore bopaki ba tsona e ne e le ba ’nete. Ha Johanne Mokolobetsi a ne a le teronkong, o ile a romela barutuoa ho ea botsa Jesu: “Ke uena ea boletsoeng, ha thoe, u tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?” Jesu ha a ka ba a araba ka e, kapa che. Ho e-na le hoo o ile a re: “E-eang, le tsebise Johanne tseo le li utloang, le tseo le li bonang: Lifofu lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera ba ntlafala, ba thibaneng litsebe ba utloa, bafu ba tsoha, ’me mafutsana a bolelloa Evangeli. Ho lehlohonolo ea sa tl’o ka a khopjoa ho ’na.” (Mattheu 11:3-6) Mesebetsi ena e matla e ile ea sebeletsa e le bopaki ho Johanne ba hore ka sebele Jesu e ne e le “ea boletsoeng, ha thoe, [o] tla tla.”—Liketso 2:22.

12 Ka tsela e tšoanang, ba bang ba balateli ba Jesu ba ile ba folisa bakuli esita le ho tsosa bafu. (Liketso 5:15, 16; 20:9-12) Mehlolo ena e ne e tšoana le bopaki bo tsoang ho Molimo ka boeena molemong oa bona. (Ba-Heberu 2:4) ’Me mesebetsi e joalo e ne e bontša matla a Jehova a sa lekanyetsoang. Ka mohlala, ke ’nete hore Satane, “morena oa lefatše lena,” o na le mokhoa oa ho tlisa lefu. (Johanne 14:30; Ba-Heberu 2:14) Empa ha Petrose a ne a tsosa Dorkase mosali ea tšepahalang bafung, o ne a ka ho etsa feela ka matla a Jehova, kaha ke Eena feela ea ka khutlisang bophelo.—Pesaleme ea 16:10; 36:9; Liketso 2:25-27; 9:36-43.

13. (a) Ke ka tsela efe mehlolo ea Bibele e ntseng e pakela matla a Jehova? (b) Ho phethahala ha boprofeta ho phetha karolo e ka sehloohong joang tabeng ea ho paka Bomolimo ba Jehova?

13 Kajeno, mehlolo eo ha e sa etsahala. Morero oa eona o phethiloe. (1 Ba-Korinthe 13:8) Leha ho le joalo, re ntse re e-na le tlaleho ea eona ka Bibeleng, e pakiloeng ke bashebelli ba bangata. Ha Bakreste kajeno ba mema tlhokomelo litlalehong tsena tsa histori, mesebetsi eo e ntse e fana ka bopaki ba sebele ba matla a Jehova. (1 Ba-Korinthe 15:3-6) Ho phaella moo, morao koana mehleng ea Esaia, Jehova o ile a lebisa tlhokomelo boprofeteng bo nepahetseng e le bopaki bo ikhethang ba hore ke Eena Molimo oa ’nete. (Esaia 46:8-11) Boprofeta ba Bibele bo boluletsoeng bo bongata boa phethahala kajeno—bo bongata ho bona bo phethahala phuthehong ea Bokreste. (Esaia 60:8-10; Daniele 12:6-12; Malakia 3:17, 18; Mattheu 24:9; Tšenolo 11:1-13) Ho phethahala ha boprofeta bona ho tlosa qoso ho Jehova e le eena feela Molimo oa ’nete, esita le ho bolela ka nepo hore re phela “mehleng ea qetello.”—2 Timothea 3:1.

14. Ke ka litsela life histori ea Lipaki tsa Jehova ea kajeno e leng bopaki bo matla ba hore Jehova ke Morena ’Musi?

14 Ntlha ea ho qetela ke hore Jehova o ntse a etsetsa batho ba hae lintho tse khōlō, tse babatsehang. Leseli le ntseng le eketseha ’neteng ea Bibele le laoloa ke moea oa Jehova. (Pesaleme ea 86:10; Tšenolo 4:5, 6) Keketseho e ikhethang e tlalehiloeng ho pota lefatše ke bopaki ba hore Jehova ‘oa ho potlakisa ka nako ea teng.’ (Esaia 60:22, NW) Ha mahloriso a sehlōhō a ne a qhoma linaheng tse latellanang ho pholletsa le mehla ea qetello, batho ba Jehova ba ile ba khona ho mamella ka sebete ka lebaka la tšehetso e matlafatsang ea moea o halalelang. (Pesaleme ea 18:1, 2, 17, 18; 2 Ba-Korinthe 1:8-10) E, histori ea Lipaki tsa Jehova ea kajeno ka boeona ke bopaki bo matla ba hore Jehova ke Morena ’Musi.—Zakaria 4:6.

Litaba Tse Molemo li Lokela ho Boleloa

15. Ke bopaki bofe bo atolohileng boo phutheho ea Bokreste e neng e lokela ho fana ka bona?

15 Jehova o ile a khetha Iseraele hore e be paki ea hae lichabeng. (Esaia 43:10) Leha ho le joalo, ke Baiseraele ba seng bakae feela bao Molimo a neng a ba laetse hore ba bolele ho bao e seng Baiseraele, ’me hangata sena e le ka morero oa ho tsebahatsa likahlolo tsa Jehova. (Jeremia 1:5; Jonase 1:1, 2) Leha ho le joalo, boprofeta bo ka Mangolong a Seheberu bo bontša hore ka letsatsi le leng Jehova o ne a tla lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng ka ho pharaletseng, ’me sena o se entse ka Iseraele oa Molimo oa moea. (Esaia 2:2-4; 62:2) Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a laela balateli ba hae: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle.” (Mattheu 28:19) Ha Jesu a ne a lebisitse tlhokomelo e feletseng “ho linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng,” balateli ba hae ba ile ba romeloa ho “lichaba tsohle,” esita “le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Mattheu 15:24; Liketso 1:8) Bopaki ba Bokreste bo ne bo lokela ho utluoa ke moloko oohle oa batho.

16. Phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ile ea phetha thōmo efe, hona ho isa bohōleng bofe?

16 Pauluse o ile a bontša hore o utloisisa sena hantle. Ka selemo sa 61 C.E., o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li ne “li beha litholoana le ho eketseha lefatšeng lohle.” Litaba tse molemo li ne li sa lekanyetsoa feela sechabeng se le seng kapa lequloaneng le le leng, joaloka le ileng la kopanela ‘borapeling ba mangeloi.’ Ho e-na le hoo, li ile tsa “boleloa pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Ba-Kolosse 1:6, 23; 2:13, 14, 16-18, NW) Kahoo, Iseraele oa Molimo lekholong la pele la lilemo e ile ea phetha thōmo ea eona ea ho “‘bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea [ba] bitsitseng ho [ba] ntša lefifing a [ba] kenya leseling la hae le hlollang.”

17. Mattheu 24:14 e tsoela pele ho phethahala joang ka tekanyo e khōlō?

17 Ho ntse ho le joalo, mosebetsi oo oa ho bolela oa lekholong la pele la lilemo e ne e le feela ho latsoa esale pele se neng se tla finyelloa mehleng ea qetello. Ha a bonela nako e tlang pele, haholo-holo mehla ea rōna, Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale bofelo bo tla tla.” (Mattheu 24:14, NW; Mareka 13:10, NW) Na boprofeta boo bo phethahetse? Ka sebele, bo phethahetse. Ho tloha qalehong e nyenyane ka 1919, ho boleloa ha litaba tse molemo hona joale ho se ho atoloselitsoe linaheng tse fetang 230. Bopaki bo utluoa ntlheng ea lefatše e ka Leboea e leqhoa le linaheng tse chesang tse mongobo. Lik’honthinente tse khōlō li koahetsoe ka bopaki, le lihleke-hleke tse hōle lia fuputsoa e le hore baahi ba tsona ba ka fumana bopaki. Esita le ka har’a mofere-fere o moholo, o kang ntoa e Bosnia le Herzegovina, litaba tse molemo li ntse li boleloa. Joaloka lekholong la pele la lilemo, bopaki bo beha litholoana “lefatšeng lohle.” Litaba tse molemo li tsebahatsoa phatlalatsa “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” Phello ke efe? Ea pele, ba setseng ba Iseraele oa Molimo ba bokeletsoe bathong “ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle.” Ea bobeli, “bongata bo boholo” ba ba limilione bo qalile ho tlisoa bo e-tsoa bathong ba “lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” (Tšenolo 5:9; 7:9) Mattheu 24:14 e tsoela pele ho phethahala ka tekanyo e khōlō.

18. Lintho tse ling tse finyelloang ka boboleli ba litaba tse molemo lefatšeng ka bophara ke life?

18 Boboleli ba litaba tse molemo lefatšeng ka bophara bo thusa ho paka hore ho ba teng ha Jesu e le morena ho qalile. (Mattheu 24:3) Ho feta moo, ke mokhoa o ka sehloohong oo ka oona “kotulo ea lefatše” e etsoang, kaha e lebisa batho tšepong e le ’ngoe feela ea ’nete bakeng sa moloko oa batho, e leng ’Muso oa Jehova. (Tšenolo 14:15, 16) Kaha ke Bakreste ba ’nete feela ba kopanelang boboleling ba litaba tse molemo, mosebetsi ona oa bohlokoa o thusa ho khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata. (Malakia 3:18) Ka tsela ena, o sebeletsa poloko ea ba bolelang le ea ba arabelang. (1 Timothea 4:16) Habohlokoa ka ho fetisisa, ho boleloa ha litaba tse molemo ho tlisetsa Jehova Molimo thoriso le tlhompho, e leng eena ea laetseng hore ho etsoe, ea tšehetsang ba ho etsang, le ea etsang hore ho behe litholoana.—2 Ba-Korinthe 4:7.

19. Bakreste bohle ba khothalletsoa ho ba le boikemisetso bofe ha ba kena selemong sa tšebeletso se secha?

19 Ha ho makatse hore ebe moapostola Pauluse o ile a susumelletseha ho re: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli [“litaba tse molemo,” NW]!” (1 Ba-Korinthe 9:16) Kajeno Bakreste ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ke tokelo e khōlō le boikarabelo bo boholo ho ba ba “sebetsang le Molimo,” ba jalang leseli la ’nete lefatšeng lena le lefifing. (1 Ba-Korinthe 3:9; Esaia 60:2, 3) Mosebetsi o bileng le qaleho e nyenyane ka 1919 hona joale o finyeletse tekanyo e tsotehang. Bakreste ba ka bang limilione tse hlano ba pakela bobusi ba Molimo ha ba qeta lihora tse ka holimo ho limilione tse sekete ka selemo ba tlisetsa ba bang molaetsa oa poloko. Ho ba le karolo mosebetsing ona oa ho halaletsa lebitso la Jehova ho thabisa hakaakang! Ha re kenella selemong sa tšebeletso sa 1996, a re ikemisetseng ho se khoehlise. Ho e-na le hoo, ho feta leha e le neng, re tla boloka mantsoe a Pauluse ho Timothea: “U bolele lentsoe, u phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe.” (2 Timothea 4:2) Ha re ntse re etsa joalo, re rapela ka lipelo tsa rōna tsohle hore Jehova a tsoele pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna.

Na U sa Hopola?

◻ Ke mang ea ileng a nkela Iseraele sebaka e le ‘paki’ ea Jehova lichabeng?

◻ Boitšoaro ba Bokreste bo tlatsetsa joang ho faneng ka bopaki?

◻ Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona e le habohlokoa ho Paki ea Mokreste?

◻ Ke ka tsela efe histori ea Lipaki tsa Jehova ea kajeno e sebeletsang e le bopaki ba hore Jehova ke Molimo oa ’nete?

◻Ho finyeletsoe eng ka boboleli ba litaba tse molemo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ho e-na le ho thibeloa ka ho feletseng, hona joale litaba tse molemo li boleloa “pōpong eohle e tlas’a leholimo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela