Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/08 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 September
  • Beke e Qalang ka la 15 September
  • Beke e Qalang ka la 22 September
  • Beke e Qalang ka la 29 September
  • Beke e Qalang ka la 6 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 9/08 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 September

Pina ea 204

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Botsa bamameli hore na ke lihlooho life limakasineng tsa morao-rao tseo batho ba tšimong ea phutheho ba li ratileng haholo. Ba botse hore na ke lipotso life le mangolo afe ao ba a sebelisitseng ha ba buella lihlooho tseo. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka buelloang kateng.

15 mets: Thusa Liithuti Tsa Bibele Hore e be Mesuoe. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 15, 2007, leqepheng la 29-30, serapeng sa 14-20. Lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea hlalosetsang seithuti sa Bibele se secha puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa a bile a se mema hore se be teng.

20 mets: Ho Tobana le Leeme Tšebeletsong ea Rōna. Puo ka moholo, e thehiloeng likhatisong tsa rōna e mabapi le kamoo leeme le ka amang tšebeletso ea rōna ea tšimo kateng. Hlalosa hore na leeme le joalo le ka hlōloa joang. Ka linako tse ling boitšoaro ba rōna, ha re le tšebeletsong ea tšimo le ha re etsa mesebetsi e meng, bo ka re thusa haholo hore re hlōle leeme la batho ba re shebeletseng ’me ba etsa hore ba amohele ’nete. Ka hona, ho molemo hore ka linako tsohle re be hlokolosi ka seo re se buang le seo re se etsang. (1 Pet. 2:12; 3:1, 2) Pheta liphihlelo tse seng kae tse ikhethang tse etsahetseng tšimong ea phutheho kapa tse hlahang ka har’a lingoliloeng tsa rōna tse bontšang kamoo leeme le ka hlōloang kateng.

Pina ea 127

Beke e Qalang ka la 15 September

Pina ea 94

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Puo le puisano le bamameli ka molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ea tšoanelehang. Hlahloba tšebeletso ea tšimo ea phutheho selemong se fetileng, u totobatse lintho tse ntle tse finyeletsoeng. Babatsa bahoeletsi moo ho loketseng. Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba phete liphihlelo leha e le life tse ikhethang tseo ba bileng le tsona. Bolela ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tseo phutheho e ka sebeletsang ho tsona selemong se secha sa tšebeletso, ’me u bolele hore na e ka etsa eng ho ntlafatsa.

15 mets: Nka Tšehetsa Tumelo ea ka Joang ea Hore Lintho li Bōpiloe? Puo e thehiloeng likhatisong tsa rōna. Kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo ba ileng ba tšehetsa tumelo ea bona ea hore lintho li bōpiloe ha ba le sekolong, mosebetsing, kapa libakeng tse ling. U ka lokisetsa le a le mong kapa ba babeli esale pele.

Pina ea 51

Beke e Qalang ka la 22 September

Pina ea 104

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Tšohla lengolo le tsoang lekaleng, le hlahang leqepheng la 1.

20 mets: Mosebetsi oa Hao o Tla Putsoa. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 15, 2005, ho tloha leqepheng la 28, serapeng sa 6, ho ea qetellong ea leqephe la 29. Buisana hakhutšoanyane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba chesehang mabapi le kamoo Jehova a ileng a ba fa lintho tsa nama tseo ba li hlokang kapa khothatso.

15 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa October 1 le Tsoha! ea October. Ka bokhutšoanyane tšohla limakasine tseo, ebe u botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka ’nang tsa ipiletsa ho batho tšimong. Ho ka botsoa lipotso life ’me ha baloa mangolo afe ha ho buelloa lihlooho tseo? Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang nehelano e fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. E-re e mong oa baholo a etse pontšo e khutšoanyane eo a e lokiselitseng a sebelisa sehlooho se tšoanelang tšimo ea phutheho.

Pina ea 190

Beke e Qalang ka la 29 September

Pina ea 45

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela litokisetso tsa October tsa tšimo e sa abuoang. Khoeli ena ke ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Khothalletsa bohle hore ba kopanele ka botlalo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba phete liphihlelo tse hahang tseo ba bileng le tsona ha ba etsa bopaki bo sa reroang nakong ea phomolo, mosebetsing, kapa maemong a mang.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Phutuho e Khethehileng ea Pampitšana ho Tloha ka la 20 October ho ea ho la 16 November!”a Haeba lipampitšana li se li le teng, abela e mong le e mong e le ’ngoe. E tšohle ka bokhutšoanyane ha u le serapeng sa 2. Ha u tšohla serapa sa 4, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo pampitšana e ka buelloang kateng. Ha u tšohla serapa sa 5, lokisetsa hore ho be le pontšo ea mohoeletsi ea sebelisang pampitšana ho qala thuto ea Bibele ha a etsa leeto la ho boela.

Pina ea 9

Beke e Qalang ka la 6 October

Pina ea 15

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano le bamameli. Akarelletsa le lintlha tse Molula-Qhooeng oa June 15, 2005, leqepheng la 20-22, serapeng sa 10-16.

20 mets: “Ruta ba Bang ho Rata Jehova.”b Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a sa qotsoang.

Pina ea 132

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela