Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 October, 2008. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 1 September ho ea ho la 27 October, 2008.
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re ka fumana joang hore na ke hobane’ng ha batho ba lumela lintho tse itseng? [be-SU leq. 259 lir. 1, 2]
2. Re ka thusa motho joang hore a ntše lehloeo le leeme pelong ea hae? [be-SU leq. 260 ser. 2]
3. Re ka thusa liithuti tsa rōna joang ho hlahloba se ka lipelong tsa tsona e le hore li tsoele pele li hōla moeeng? [be-SU leq. 261 ser. 3]
4. Ke eng seo re lokelang ho se hopola ha re leka ho finyella lipelo tsa bamameli ba rōna? [be-SU leq. 262 ser. 5]
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli ka nako libokeng tsa phutheho? [be-SU leq. 263 lir. 1, 3, lebokose]
PUO EA 1
6. Ke eng e ileng ea susumelletsa Pauluse ho ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe? [si-SU leq. 210 ser. 3]
7. A mang a mabaka a ileng a etsa hore Pauluse a ngole lengolo la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe ke afe? [si-SU leq. 214 lir. 1-2]
8. Bakreste ba lokela ho ba le pono efe ka tšebeletso? [si-SU maq. 216-217 ser. 18]
9. Joaloka barab’abo rōna ba Filipi, re ka fumana kamohelo ea Molimo le ho tlisetsa barab’abo rōna thabo joang kajeno? [si-SU leq. 225 ser. 12]
10. Pauluse le basebetsi-’moho le eena ba ile ba tsoela phutheho ea Thesalonika molemo joang? [si-SU leq. 231 ser. 13]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Ho ‘nehelana ka motho ea khopo ho Satane hore ho timetsoe nama, e le hore moea o ka pholoha’ ho bolela’ng? (1 Bakor. 5:5) [w08-SU 7/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bakorinthe”]
12. Lefu la Jesu le lokela ho hopoloa “nako le nako” joang, hona e tla ba “ho fihlela” neng? (1 Bakor. 11:26) [w08-SU 7/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bakorinthe”]
13. Ke pono efe e boleloang ho 2 Bakorinthe 12:2-4, ’me ho ka etsahala hore ke mang ea e boneng? [w04-SU 10/15 leq. 8 ser. 4; leq. 10 ser. 9]
14. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tšoantša Molao oa Moshe le ‘motataisi ea isang ho Kreste’? (Bagal. 3:24) [w08-SU 3/1 maq. 18-21]
15. Pauluse o ne a bolela’ng ha a rapela hore “boikutlo le moea le ’mele ea lōna barab’eso li ka bolokoa”? (1 Bathes. 5:23) [w08-SU 9/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Lengolo le Eang ho Bathesalonika le Timothea”]