Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/08 leq. 3
  • Lebokose La Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose La Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Machato a Thabisang a Hlomphang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Machato a Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 11/08 leq. 3

Lebokose La Lipotso

◼ Ha batho ba batla ho tšoarela lenyalo la bona Holong ea ’Muso, ke lintho life tseo ba lokelang ho li bua le baholo?

Manyalo ao litokisetso tsa ’ona li lumellanang le melao-motheo ea Bibele a tlotlisa Jehova. Ho joalo haholo-holo ka manyalo a tšoareloang Holong ea ’Muso, hobane batho ba nka hore lintho tse etsetsoang teng li bontša tsela eo mokhatlo oa rōna o hlophisitsoeng o etsang lintho ka eona. Ha batho ba kōpa ho tšoarela lenyalo la bona Holong ea ’Muso, ke habohlokoa hore baholo ba phutheho ba buisane le bona ka litokisetso tse amehang, e le hore ‘lintho tsohle li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’—1 Bakor. 14:40.

Batho ba batlang ho tšoarela lenyalo la bona Holong ea ’Muso ba lokela ho fa komiti ea tšebeletso ea phutheho e kopanelang holong eo lengolo la bona la kōpo. Ba lokela ho fana ka lengolo la bona nako e sa le teng ’me ba bolele letsatsi le nako eo ba batlang ho sebelisa holo ka eona. Ba lokela ho hopola hore baholo ba ke ke fetola kemiso ea liboka ka lebaka la lenyalo. Ho phaella moo, batho ba rerang ho nyalana ba tlameha ba be ba le boemong bo botle ka phuthehong, ba phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele le melao e lokileng ea Jehova.

E le ho tiisa hore lenyalo le tlotlisa Molimo oa rōna ea hlomphehang, batho ba rerang ho nyalana ba lokela ho buisana le komiti ea tšebeletso ka litokisetso tsa bona pele ba etsa qeto. Le hoja baholo ba ke ke ba leka ho ba hatella, haeba ho reriloe ntho e itseng e sa amoheleheng, ho lokela ho etsoe liphetoho. ’Mino feela o ka letsoang ke Kingdom Melodies kapa o bukeng ea rōna ea lipina. Tsela eo Holo ea ’Muso e khabisoang ka eona kapa eo litulo li behoang ka eona e lokela hore e be e lumeletsoeng. Haeba ho nkoa lifoto kapa video, ho lokela ho etsoa ka tsela e ke keng ea tlosa seriti sa ketsahalo ena. Baholo ba ka ’na ba lumela hore ho itlhakisetsoe Holong ea ’Muso hafeela ho sa chaisane le litokisetso tse ling tsa phutheho. Limemo ha lia lokela ho manehoa lematjaneng la litsebiso. Leha ho le joalo, baholo ba ka ’na ba etsa tsebiso e khutšoanyane Sebokeng sa Tšebeletso ho tsebisa phutheho ka lenyalo le tla tšoareloa Holong ea ’Muso.

Le hoja e se molao hore baetsana bohle e be batho ba kolobelitsoeng, e ke ke ea e-ba ho loketseng ho sebelisa batho bao ho tsebahalang hore ha ba phele ka tsela e lumellanang le melao-motheo ea Bibele kapa bao boitšoaro ba bona bo ka khathatsang batho ba tlileng lenyalong. Ha ho khoneha, lenyalo le lokela ho tšoaroa ke moholo. Baholo ke mesuoe e tšoanelehang ea Lentsoe la Molimo, kahoo ke bona ba tšoanelehang ka ho fetisisa ho hlakisa melao-motheo ea Mangolo e amanang le ketsahalo ena.—1 Tim. 3:2.

Kaha lenyalo le boetse le ama botumo ba moholo ea le tšoarang, le eena o lokela ho tsebisoa litokisetso tsa lenyalo. O tla kopana le batho ba rerang ho nyalana ’me a botse hore na boitšoaro ba bona bo ne bo le joang nakong ea lefereho; ba lokela ho bua ka bolokolohi le ka botšepehi. Haeba e mong oa bona o ne a le lenyalong pele, o tlameha ho tiisa hore Mangolo le molao o mo lumella ho kena lenyalong. (Mat. 19:9) Ho ka ’na ha hlokahala hore a bontše moholo lengolo la tlhalo.

Haeba batho ba rerang ho nyalana ba buisana ka bolokolohi le baholo ’me ba sebelisana le bona, lenyalo la bona le tla thabisa bohle.—Liprov. 15:22; Baheb. 13:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela