Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 16 February
BEKE E QALANG KA LA 16 FEBRUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 29-31
No. 1: Genese 29:1-20
No. 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Khaotsa ho Tšoenyeha’? (Mat. 6:25)
No. 3: Kutlo ea U Sireletsa (lr-SU khao. 7)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: “Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo.” Puisano ea lipotso le likarabo.
15 mets: Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang Nakong ee ea Sehopotso? Molebeli oa tšebeletso o fana ka puo ena ka mafolofolo. Tšohla lintho tse hlokahalang hore motho e be pula-maliboho ea thusang. Totobatsa melemo le litlhohonolofatso tsa ho ba pula-maliboho ea thusang. Bolela hore na phutheho e entse litokisetso life bakeng sa liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo ka March, April, le May. Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo bao e neng e le bo-pula-maliboho ba thusang selemong se fetileng. Ba ile ba etsa liphetoho life kemisong ea bona? Ba fumane melemo efe? Khothalletsa lelapa le leng le le leng ho hlahloba hore na setho se le seng kapa tse ’maloa tsa lelapa e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang kapa che nakong ea Sehopotso e atamelang.