Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 30 March
BEKE E QALANG KA LA 30 MARCH
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
lv-SU khao. 3 ¶8-15, lebokose leq. 30
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Exoda 1-6
No. 1: Exoda 1:1-19
No. 2: Jesu o re Ruta ho Rapela (lr-SU khao. 12)
No. 3: Na ho Folisa ka Mohlolo Mehleng ea Rōna ho Etsoa ka Moea oa Molimo? (rs-SU leq. 362 ¶1-5)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso. Kopanyelletsa litsebiso leha e le life tsa ho qetela tsa Sehopotso. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa March.
15 mets: Itokisetse ho Thusa ba Thahasellang ba Bang Teng Sehopotsong. Puo ka molebeli oa tšebeletso e hopotsang bahoeletsi seo ba ka se etsang ho thusa liithuti tsa Bibele, bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong, le ba bang teng Sehopotsong, ba kang batho bao re ba tsebang le litho tsa lelapa. (Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2008, leqepheng la 8.) Lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea kamoo thuto ea Bibele e ka qaloang le motho ea thahasellang ea neng a le teng Sehopotsong. Hopotsa bohle ka ’malo oa Bibele oa Sehopotso, o tla qala ka Sontaha sa la 5 April. U ka fana ka litlhahiso tse ka ba thusang hore na ba etse sena joang.
15 mets: “The Bible—A Book of Fact and Prophecy.” Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.