Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 29 June
BEKE E QALANG KA LA 29 JUNE
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Levitike 14-16
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Ponahalo e Ntle ea Botho—Lebaka Leo ka Lona e Leng ea Bohlokoa. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 131-134.
10 mets: Khetha Litaba Tseo U ka Buisanang ka Tsona le “Batho ba Mefuta Eohle.” (1 Bakor. 9:22) Puisano le bamameli. Ha le tšohla lipotso tse latelang, bamameli ba ka ’na ba pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona. Le fumane hore batho ba lilemo tse itseng, ba bong bo itseng kapa ba bolumeli bo itseng ba thabela ho qoqa ka litaba life? Re ka sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka joang ho khetha litaba tse tla thahaselloa ke batho ba sa tšoaneng? Re ka lumellana joang le maemo haeba mong’a ntlo a batla hore re bue ka taba e ’ngoe ho e-na le eo re e lokiselitseng?
10 mets: Libukana Tse Tsamaisoang ka July le August. Hlalosa libukana tsena hakhutšoanyane. Suthela pontšo ea linehelano tse peli kapa tse tharo tse ka atlehang tšimong ea lōna.