Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 8 February
BEKE E QALANG KA LA 8 FEBRUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
lv khao. 16 ¶15-22, lebokose le ho leq. 194
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Baahloli 11-14
No. 1: Baahloli 13:1-14
No. 2: Re Ithuta’ng Mantsoeng a Jesu a ho Luka 16:9-13?
No. 3: ‘Tlhokofatso ea ka Mehla le Mehla’ eo ho Buuoang ka Eona ho Tšenolo ke Eng? (rs leq. 242 ¶3–leq. 243 ¶1)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Ho Araba Lipotso Tse Mabapi le Matsatsi a Phomolo. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, tlas’a lihloohoana tse peli tse qalang leqepheng la 289 le la 290. Batho tšimong ea phutheho ea heno ba tloaetse ho keteka matsatsi afe a phomolo? Ke maemo afe a ka u fang monyetla oa hore u pakele batho u thehile taba ea hao letsatsing le itseng la phomolo? Suthela pontšo ea kamoo motsoali a ka thusang ngoana oa hae hore a itokisetse ho araba potso e reng, Ke hobane’ng ha le sa keteke Paseka (Easter)?
20 mets: “Limemo Tsa Sehopotso Tse Tla Tsamaisoa Lefatšeng Lohle!” Puisano ea lipotso le likarabo. Pele u tšohla serapa sa 2, lokisetsa hore e mong le e mong a fuoe memo, haeba e se e le teng, ebe u hlalosa lintlha tse sa tšoaneng tsa eona. Ka mor’a ho tšohla serapa sa 2, e-re mohoeletsi a etse pontšo ea kamoo memo eo e ka sebelisoang kateng. Buisana le molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ’me a hlalose lintlha tse eketsehileng tse mabapi le litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo nakong ea letšolo la ho aba limemo tsa Sehopotso.