“Tloo U be Molateli oa Ka”
1. Likhoeling tse tlang Thuto ea Bibele ea Phutheho e tla re fa monyetla ofe?
1 Mangolo a mane a Kosepele a buang ka bophelo ba Jesu ha a le lefatšeng, a hlalosa Mora oa Molimo ka tsela e qaqileng. Kaha re lokela ho ‘latela mehato ea Kreste haufi-ufi,’ ho ka ba molemo hore re lokisetse hantle Thuto ea Bibele ea Phutheho e thehiloeng bukeng ea “Tloo U be Molateli oa Ka,” ’me re mamelisise ha e tšohloa ho tloha bekeng ea la 1 March. (1 Pet. 2:21; Mar. 10:21) Re lokela ho ela hloko likarolo tsa bophelo ba Jesu tse ka re tsosang molota tšebeletsong.
2. Re ka rua molemo joang mohlaleng oa Jesu oa ho mamella?
2 Mohlala oa Jesu: Na u kile ua hanyetsoa ha u ntse u bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo? Ha re hanyetsoa joalo, rea hlokomela hore mantsoe a Jesu ke a bohlokoa, ha a re: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ke ’nete hore hase kamehla batho ba re hanyetsang ka morero oa ho re hlorisa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a mamella liteko tsa mefuta eohle ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae. Le rōna re ka ameha ka ho khahlisa Jehova le ho fumana moputso oa ho lula re tšepahala. Sena se tla re thusa hore re se ke ra ‘khathala eaba re felloa ke matla meeeng ea rōna.’ (Baheb. 12:2, 3; Liprov. 27:11) Ha re phehella tšebeletsong, re ka kholiseha hore Kreste Jesu o na le rōna.—Mat. 28:20.
3. Re ka etsa joang e le hore re talime tšebeletso ea rōna joaloka Jesu?
3 “Ke Rometsoe Sena”: Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso e ne e le oona o ka sehloohong bophelong ba Jesu. (Luka 4:43) O ne a ikakhela ka setotsoana tšebeletsong. O ne a nka mosebetsi ona e le oa bohlokoa, ’me ka linako tsohle a batla menyetla ea ho bua ka ’Muso. Ho latela mohlala oa Jesu ho tla re tsoela molemo joang? Ha re ntse re etsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi, na ho na le batho bao re ka ba bolellang litaba tse molemo? E se eka lerato leo Kreste a nang le lona le ka re qobella ho pakela batho ba bangata ka hohle kamoo re ka khonang!—2 Bakor. 5:14.
4. Re ka ntlafatsa tšebeletso ea rōna joang?
4 “Ha ho Mohla Motho e Mong a Kileng a Bua Tjena”: Batho ba ne ba hlolloa ke tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona. (Joh. 7:46; Mat. 7:28, 29) Ke’ng e neng e etsa hore a se ke a tšoana le mesuoe e meng? O ne a rata linnete tseo a neng a li ruta, a rata batho bao a neng a ba ruta, ’me a sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho ruta. Ha re etsisa Mosuoe e Moholo, re ka ntlafatsa tšebeletso ea rōna.—Luka 6:40.
5. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng ha re ntse re ithuta buka ea “Tloo U be Molateli oa Ka”?
5 Tsena ke lintlha tse seng kae tsa bohlokoa tseo re ithutang tsona bophelong ba Jesu. U ka ithuta lintlha life hape tsa bohlokoa ho eena? Ha u ntse u ithuta ka bophelo ba Jesu Thutong ea Bibele ea Phutheho, ikemisetse “ho tseba lerato la Kreste” ka ho mo etsisa ka mantsoe le ka liketso.—Baef. 3:19.