Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 February
BEKE E QALANG KA LA 15 FEBRUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Baahloli 15-18
No. 1: Baahloli 16:1-12
No. 2: ‘Mollo oa Gehena’ oo Jesu a Buileng ka Oona ke Eng? (rs leq. 243 ¶2–leq. 244 ¶1)
No. 3: Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a re Diabolose ke “Ntate oa Leshano”? (Joh. 8:44)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Lokisetsa ho Tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka bokhutšoanyane hlahloba limakasine tse tsamaisoang ’me u bolele hore na ke lihlooho life tseo ho bonahalang eka batho tšimong ea phutheho ba tla hle ba li rate. Suthela pontšo ea motho ea buang a le mong e bontšang kamoo mohoeletsi a ka iphang nako ea ho lokisetsa tsela ea ho tsamaisa limakasine. O khetha lihlooho tseo a bonang hore li tla ba ntle tšimong, o nahana ka potso eo a tla e botsa, ’me o khetha mangolo ao a tla a bala. Joale o lokisetsa kamoo a tla tsamaisa limakasine tseo kateng, ’me o bontša hore na o tla re’ng ha a tsamaisa makasine ka ’ngoe.
15 mets: “Tloo U be Molateli oa Ka.” Puisano ea lipotso le likarabo. Ka mor’a puisano ena, tšohla lintlha tse leqepheng la 70 bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso moo ho buuoang ka likhopotso tse loketseng tsa hore na nakong ea liboka tsa phutheho, bamameli ba lokela ho araba joang.