Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 20 September
BEKE E QALANG KA LA 20 SEPTEMBER
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cf khao. 10 ¶18-23, lebokose le ho leq. 107
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Marena 19-22
No. 1: 2 Marena 20:1-11
No. 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba le Maikutlo a Bonolo? (Mat. 5:5)
No. 3: Motho a ka Rata Jehova Joang Haeba Hape a Lokela ho mo Tšaba? (rs leq. 188 ¶5–leq. 189 ¶1)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Puo ka molebeli oa tšebeletso. Tšohla seo phutheho e se entseng tšimong selemong se fetileng sa tšebeletso, u totobatse lintho tse ntle tse finyeletsoeng. Babatsa bahoeletsi moo ho loketseng. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba bileng le liphihlelo tse ikhethang. Bolela ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tseo phutheho e ka sebeletsang ho tsona selemong se secha sa tšebeletso, ’me u bolele hore na e ka etsa eng ho ntlafatsa.
10 mets: “Litaelo ho ba Fanang ka Lipuo Sebokeng sa Tšebeletso.” Puo ka moholo.
10 mets: Thusa Ngoana oa Hao ho ba Mohoeletsi. Puisano e thehiloeng leqepheng la 82 la buka ea Ho Hlophisetsoa. Buisana le motsoali ea behang mohlala o motle ea nang le ngoana e monyenyane eo e leng mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O thusitse ngoana eo joang hore a hatele pele ’me a tšoanelehe ho ba mohoeletsi?