Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 27 September
BEKE E QALANG KA LA 27 SEPTEMBER
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Marena 23-25
No. 1: 2 Marena 23:1-7
No. 2: Ke Eng e Lumeloang ke Lipaki Tsa Jehova e li Khethollang ho Malumeli a Mang? (rs leq. 246 ¶2–leq. 248 ¶1)
No. 3: Ke ka Litsela Life Bakreste ba ’Nete ba Etsang Hore Leseli la Bona le Khanye? (Mat. 5:14-16)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Lokisetsa ho Tsamaisa Limakasine Tsa October. Puisano. Nka motsotso kapa e ’meli u tšohla lintlha tsa limakasine tseo. Ka mor’a moo khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo ebe u kōpa bamameli ho bolela hore na ba tla botsa lipotso life ’me ba bale mangolo afe ha ba buisana le batho. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
15 mets: “Na U Tla Qala Thuto ea Bibele ka October?” Lipotso le likarabo. Suthela pontšo e le ’ngoe kapa tse peli.