‘U se ke Ua Tšoha’
1. Re ka ’na ra thulana la mathata afe a tšoanang le a Jeremia?
1 Jeremia o ne a ikhalala nakong eo a neng a rongoa hore e be moprofeta. Empa Jehova o ile a mo khothatsa a re, ‘u se ke ua tšoha’ ’me ka mosa a mo matlafatsa hore a phethe mosebetsi oo a neng o filoe. (Jer. 1:6-10) Mehleng ena, re ka ’na ra sitoa ho kopanela hantle mosebetsing oa boboleli haeba re le lihlong kapa re ikhalala. Se ka ’nang sa re thibela ho paka ka linako tse ling ke ho tšaba hore na batho ba tla re tšoara joang kapa ba re nke joang. Tšabo ee re ka e hlōla joang, ’me ho e hlōla ho ka re tlisetsa melemo efe?
2. Ho lokisetsa ho tla re thusa joang hore re se ke ra tšoha haholo ha re le tšimong?
2 Lokisetsa: Ho lokisetsa hantle ho tla etsa hore re se ke ra tšoha haholo. Ka mohlala, haeba re nahana esale pele hore na batho ba ka ’na ba re’ng ha ba khaoletsa moqoqo, re tla khona ho araba likhanyetso tse tloaelehileng. (Liprov. 15:28) Ho ka ba joang haeba nakong ea Borapeli ba Lelapa le ka itlhakisetsa likhanyetso tse sa tšoaneng tseo le thulanang le tsona sekolong kapa tšimong?—1 Pet. 3:15.
3. Ho tšepa Jehova ho re thusa joang hore re se ke ra tšoha?
3 Tšepa Jehova: Ho tšepa Jehova ho tla re thusa hore re se ke ra tšoha. O ile a tšepisa ka tieo hore o tla re thusa. (Esa. 41:10-13) O re tšepisa tšireletso eo ho seng motho e mong ea ka re tšepisang eona? Ho phaella moo, Jesu o ile a re tiisetsa hore le haeba ho ka hlaha maemo a tšohanyetso, moea o halalelang oa Molimo o tla re thusa hore re pake ka tsela e ntle. (Mar. 13:11) Ka lebaka leo, rapela Jehova ka tieo ka mehla hore a u fe moea o halalelang oa hae.—Luka 11:13.
4. Re fumana melemo efe ha re phehella tšebeletso le har’a mathata?
4 Melemo: Ha re phehella tšebeletso le har’a mathata, sena se re matlafalletsa ho thulana le liteko ka katleho. Re ba sebete ebile rea tiea, ’me sena ke seo batho ba nang le moea o halalelang ba leng sona. (Lik. 4:31) Ho feta moo, ha Jehova a ntse a re thusa hore re be le sebete ha re tobane le lintho tse re tšosang, seo se matlafatsa tumelo ea rōna ’me se tiisa tšepo ea rōna letsohong la hae le pholosang. (Esa. 33:2) Re boetse rea thaba ebile rea khotsofala kaha rea tseba hore re khahlisa Ntate oa rōna ea leholimong. (1 Pet. 4:13, 14) Kahoo, a re boleleng molaetsa oa ’Muso ka sebete, re sa tšabe; kamehla re kholisehile hore Jehova oa re thusa!