Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Linaha tse romelang litlaleho tsa tsona lekaleng la Afrika Boroa li entse mosebetsi o tsoileng matsoho khoeling ea July. Botswana ho bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 924 le bo-pula-maliboho ba 147. Namibia ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 805 ’me ha fihleloa tlhōrō e ikhethang ea lithuto tsa Bibele tse 3 353. Swaziland ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 793 (e le tlhōrō ea boraro ea bahoeletsi selemong sena sa tšebeletso), le tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 4 058. Barab’abo rōna ba sehlekehleke se senyenyane se emeng se le seng sa St Helena ba lula ba tšepahala ba bile ba cheseha: Ho bile le bahoeletsi ba 108 ba ileng ba e-ba le seabo mosebetsing oa boboleli ’me ba khannile lithuto tsa Bibele tse 61 tšimong ea bona e nyenyane e sebetsoang khafetsa.