Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Ka August 2010 ho bile le katleho e tsotehang tšimong e tlas’a lekala la rōna ’me re thabela ho tlaleha liketsahalo tsena tse ikhethang: Afrika Boroa e finyeletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 90 037, ’me ke lekhetlo la pele palo ea bona e feta 90 000. Ho ekelletsa moo, ho tlalehiloe tlhōrō e ncha e ikhethang ea lithuto tsa Bibele tse 124 007. Namibia le eona e fihletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 898 le lithuto tsa Bibele tse 3 371. Lesotho le fihletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 3 632 bao ka karolelano a le mong a sebelitseng lihora tse 12,3 tšimong.