Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa January 1
Bala Genese 2:16, 17. Ebe u re: “Ba bang ba re Molimo o tsebile esale pele hore Adama o tla etsa sebe. Ba bang ba na le maikutlo a hore Molimo o ne a tla be a ikaketsa ka ho ba lemosa haeba a ne a se a tseba se tla etsahala. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Sehlooho sena se qalang leqepheng la 13 se bontša hore na Molimo o sebelisa matla a hae a ho tseba bokamoso joang.”
Tsoha! January
“Ba bang ba lumela hore seo malumeli a mpa a nkehile maikutlo feela, ha ho na mabaka a utloahalang a tšehetsang lintho tseo a li lumelang. Uena u re’ng? [Emela karabo.] Ho latela Bibele, litho tsa bolumeli ha lia lokela ho lumela lintho ka bofofu feela. [Bala 1 Johanne 4:1.] Sehlooho se qalang leqepheng la 28 se bontša hore na re ka kholiseha joang hore tumelo ea rōna e thehiloe ka ho tiea mabakeng a utloahalang.”
Molula-Qhooa February 1
“Tlhalo e atile haholo kajeno. Ebe lebaka le ka sehloohong la hore batho ba hlalane ke lefe? [Emela karabo.] Ela hloko keletso ena eo banyalani ba bangata ba boneng e le molemo. [Bala 1 Bakorinthe 10:24.] Makasineng ena ho tšohloa lintho tse tšeletseng tseo banna ba bangata le basali ba belaelang ka tsona ’me e bontša hore na ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka thusa joang.”
Tsoha! February
“Ho bonahala batho ba bangata ba thahasella boselamose. Na u bona eka motho a ka tsoa kotsi haeba a etsa lintho tse amanang le boselamose? [Emela karabo.] Hlokomela mantsoe ana a temoso ao Molimo a ileng a a bolella Baiseraele ba boholo-holo. [Bala Deuteronoma 18:10-12.] Makasine ena e bontša seo Bibele e se buang ka boloi.”