Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa January 1
“Na u bona eka re ne re ke ke ra phela hamonate lefatšeng haeba motho e mong le e mong a ne a latela molao oo oa Bibele? [Bala Baroma 12:18. Ebe u emela karabo.] Empa na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling Molimo a ne a re batho ba hae ba mehleng ea boholo-holo ba ee ntoeng? Sehlooho sena se fana ka karabo e hlakileng ea Bibele.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 13.
Tsoha! January
Bala Liketso 17:31a. Ebe u re: “Batho ba bangata baa tšoha ha ho buuoa ka Letsatsi la Kahlolo. U ikutloa joang ka lona? [Emela karabo.] Bibele e ruta hore Letsatsing la Kahlolo ho tla ba le mahlohonolo a mangata lefatšeng. Sehlooho sena se hlalosa taba ena.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 10.
Molula-Qhooa February 1
“Batho ba bangata ba lumela hore ba tla ea leholimong ha ba shoa. Na le uena u rata ho ea leholimong? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e re moputso oa batho ba bangata ba lokileng e tla ba ofe. [Bala Pesaleme ea 37:29.] Makasine ena e tšohla hore na Bibele e re ke bo-mang ba eang leholimong le hore na ba il’o etsa’ng.”
Tsoha! February
“Tlhalo e atile kajeno. Na u bona eka banyalani ba bangata ba nahana ka liphello tsohle tsa tlhalo pele ba etsa qeto ea ho hlalana? [Emela karabo. Ebe u bala Liproverbia 14:15.] Makasine ena e bolela lintlha tse ’nè tseo banyalani ba lokelang ho li tseba pele ba nahana ka tlhalo.”