Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/10 maq. 10-11
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Letsatsi la Kahlolo le Hlokahala?
  • Jesu o Ahlola “ba Phelang”
  • Ho Ahlola “Bafu”
  • Ha ho na Lebaka la ho Tšoha
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Tla Etsahala’ng Letsatsing la Kahlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Tsoha!—2010
g 1/10 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Letsatsi la Kahlolo ke Eng?

Bibele e re Molimo “o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola . . . lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Liketso 17:31) Batho ba bangata ha ba rate taba ea hore ba tla ahloloa ka tsela leha e le efe. Na ke kamoo u ikutloang kateng?

HAEBA ho joalo, u ka tšelisoa ke taba ea hore ebe Letsatsi la Kahlolo ke tokisetso e lerato e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tse khōlō, ho akarelletsa le ba shoeleng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Ke hobane’ng ha Letsatsi la Kahlolo le hlokahala? Ha e le hantle ho tla etsahala’ng ‘letsatsing’ leo?

Ke Hobane’ng ha Letsatsi la Kahlolo le Hlokahala?

Ha Molimo a ne a beha batho lefatšeng o ne a sa rera hore lefatše e be sebaka feela seo batho ba lekoang ho sona bakeng sa ho ea phela sebakeng se seng ka moso. O bōpetse batho hore ba phele lefatšeng ka ho sa feleng. Le hoja batho ba pele ba babeli ba ne ba phethahetse ’meleng le kelellong, ba ile ba fetohela Molimo. Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ’me ba tlisetsa litloholo tsohle tsa bona sebe le lefu.—Genese 2:15-17; Baroma 5:12.

Letsatsi la Kahlolo e tla ba nako ea lilemo tse sekete ’me ka nako eo batho ba tla ba le monyetla oa ho boela ba fumana seo Adama le Eva ba se lahlileng.a Hlokomela hore lengolo la Liketso 17:31, le qotsitsoeng ka holimo, le re Letsatsi la Kahlolo le tla ama ba phelang ‘lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona.’ Ba fumanang kahlolo e molemo ba tla phela lefatšeng ’me ba thabele bophelo bo sa feleng maemong a phethahetseng. (Tšenolo 21:3, 4) Kahoo, Letsatsi la Kahlolo le tla etsa hore morero oa Molimo oa mathomo ka batho le lefatše o phethahale.

Kreste Jesu ke Moahloli ea khethiloeng ke Molimo. Bibele e re Jesu o tla “ahlola ba phelang le bafu.” (2 Timothea 4:1) Bao “ba phelang” ba tla ahloloa, ke bo-mang? Bafu ba tla boela ba phela joang ‘lefatšeng leo ho ahiloeng ho lona’?

Jesu o Ahlola “ba Phelang”

Hona joale re haufi le bofelo bo boletsoeng esale pele ba tsamaiso ea joale ea lintho, nakong eo Molimo a tla felisa likarolo tsohle tse silafetseng tsa lefatše lena ’me a felise ba khopo. Batho ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena ke bona “ba phelang” ba tlang ho ahloloa.—Tšenolo 7:9-14; 19:11-16.

Nakong eo ea kahlolo, e tlang ho ba lilemo tse 1 000, Kreste Jesu hammoho le banna le basali ba 144 000 ba tsoselitsoeng ho ea phela leholimong, ba tla busa holim’a lefatše. Ba tla sebeletsa e le marena le baprista, ba abe melemo ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo ’me butle-butle ba thuse batho ba tšepahalang hore ba phethahale ’meleng le kelellong.—Tšenolo 5:10; 14:1-4; 20:4-6.

Nakong ea Letsatsi la Kahlolo, Satane le bademona ba tla thibeloa hore ba se ke ba susumetsa seo batho ba se etsang. (Tšenolo 20:1-3) Leha ho le joalo, bofelong ba Letsatsi la Kahlolo, Satane o tla lumelloa hore a leke botšepehi ba motho e mong le e mong ea phelang. Ba lulang ba tšepahala ho Molimo ba tla be ba atlehile ho feta tekong eo Adama le Eva ba ileng ba hlōleha ho feta ho eona. Ba tla ahloloa e le ba tšoanelehang hore ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng, Paradeiseng e tsosolositsoeng. Ba khethang ho fetohela Molimo ba tla timetsoa ka ho sa feleng, hammoho le Satane le bademona.—Tšenolo 20:7-9.

Ho Ahlola “Bafu”

Bibele e bolela hore nakong ea Letsatsi la Kahlolo bafu ba tla “tsoha.” (Matheu 12:41) Jesu o ile a re “hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:28, 29) Mona ha ho buuoe ka meea e tsoileng nameng ea batho ba shoeleng. Ho hang bafu ha ba tsebe letho ’me ha ba na moea o pholohang lefung. (Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-14, 23, 24) Jesu o tla tsosa ba robetseng lefung hore ba boele ba phele lefatšeng.

Na ba tsositsoeng ba tla ahloleloa lintho tseo ba li entseng pele ba e-shoa? Che. Bibele e ruta hore motho “ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” (Baroma 6:7) Kahoo, joaloka ba pholohang bofelo ba tsamaiso ena, ba tsosoang bafung hore ba phele lefatšeng ba tla ahloloa “ho ea ka liketso tsa bona” nakong ea Letsatsi la Kahlolo. (Tšenolo 20:12, 13) Ho itšetlehile ka hore na liketso tsa bona li felella joang, ena e tla ba tsoho e fellang ka bophelo bo sa feleng kapa e fellang ka timetso. Ba bangata ba tsosoang hore ba phele, ka lekhetlo la pele ba tla ithuta ka Jehova Molimo le melao ea hae e le hore ba phele. Ba tla fumana monyetla oa ho phela tumellanong le thato ea Molimo ’me ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng.

Ha ho na Lebaka la ho Tšoha

Letsatsi la Kahlolo e ke ke ea e-ba feela nako ea ho fumana thupelo e tsoang ho Molimo, empa e tla boela e be nako ea hore ba phelang ba sebelise seo ba ithutang sona ’me ba thabele litlhohonolofatso tse bang teng. Nahana hore na u tla thaba hakaakang ha u boela u kopana le barutuoa ba hao ba tsositsoeng bafung ’me hammoho le bona le qetella le le batho ba phethahetseng!

Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo, Molimo o tla lumella Satane hore a leke botšepehi ba batho. Empa ha ho na lebaka la ho tšoenyeha kapa ho tšoha. Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo, batho bohle ba phelang ba tla be ba hlomeletsoe ka botlalo hore ba tobane le teko ena ea ho qetela. Kahoo, Letsatsi la Kahlolo e tla ba e ’ngoe ea lintho tseo Molimo a li etsang ho finyella morero oa hae oa ho fetola liphello tse bakiloeng ke bofetoheli ba pele bo entsoeng khahlanong le eena serapeng sa Edene.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka Bibeleng lentsoe lena “letsatsi” le ka bolela nako ea bolelele bo sa tšoaneng. Ka mohlala, sheba Genese 2:4.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Letsatsi la Kahlolo ke eng?—Liketso 17:31.

● Ho tla ahloloa bo-mang?—2 Timothea 4:1.

● Letsatsi la Kahlolo le tla nka nako e kae?—Tšenolo 20:4-6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Nahana hore na u tla thaba hakaakang ha u boela u kopana le barutuoa ba hao ba tsositsoeng

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Pusong ea Kreste, ba shoeleng ba tla tsosetsoa ho tla phela lefatšeng la paradeise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela