Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 29 August
BEKE E QALANG KA LA 29 AUGUST
Pina ea 33 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 8 ¶17-24, lebokose le ho leq. 67 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Pesaleme ea 110-118 (10 mets.)
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo (20 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Litsebiso. Suthela pontšo ea kamoo motho a ka qalang thuto kateng Moqebelong oa pele oa September a sebelisa mohlala o hlahang leqepheng la 8 ’me u khothalletse bohle ho ba le seabo. Ebe u fana ka puo ea sehlooho se reng “Tsamaisa Makasine ea Khale Kapa Bukana Leha e le Efe e Buang ka Seo Motho a se Thahasellang.”
15 mets: Baa Cheseha, le Hoja ba Hōlile Lilemong. Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2011 leqepheng la 61, serapeng sa 1-2; leqepheng la 67, serapeng sa 1; le leqepheng la 135, serapeng sa 2, ho ea leqepheng la 136, serapeng sa 1. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba ithutile eng.
10 mets: Lokisetsa ho Tsamaisa Limakasine ka September. Puisano. Ka motsotso o le mong kapa e ’meli, tšohla lihlooho tsa limakasine tseo. Ebe u khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo, ’me u kōpe bamameli ho bolela hore na ba tla botsa lipotso life ’me ba bale mangolo afe ha ba buisana le batho. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 122 le Thapelo