Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/12 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 1/12 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong e teng setokong sa phutheho.

◼ Ho qala ka February, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo e ncha ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Na U Tšepile Jehova?”

◼ Ho qala ka Molula-Qhooa oa batho bohle oa February 1, 2012, ho tla ba le sehlooho se reng “Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng.” Kaha se etselitsoe hore batsoali ba se sebelise ha ba ithuta le bana ba bona ba lilemo li tharo ho ea tlaase, se tla chenchana le sehlooho se reng “Ruta Bana ba Hao” le se reng “Tsa Bacha.”

◼ Letšolo la tšimo e sa abuoang ka 2011 e bile le atlehileng haholo. Tšimong ea lekala la rōna, bahoeletsi ba 10 340 ba liphutheho tse 320 ba ile ba tšehetsa tokisetso ena. Ba ile ba tsamaisetsa batho ba thabelang libuka tse 14 867, libukana tse 50 222 le limakasine tse 104 664, ’me seo sa fella ka hore ba etse maeto a ho boela a 9 266 le ho khanna lithuto tsa Bibele tse 1 509. Hona joale re lebeletse ka tjantjello letšolo la 2012 la tšimo e sa abuoang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela