Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa February
“Na u nahana hore ho na le mokhatlo oo Molimo a o sebelisang kajeno, kapa u bona eka o sebelisana le batho ka bomong? [Emela karabo.] Hlokomela hore na sehlooho sena se re’ng ka sechaba seo Molimo a ileng a se hlophisa lilemong tse ngata tse fetileng.” Phetla Molula-Qhooa oa February 1 leqepheng la 16 ebe le buisana ka lintlha tse sehloohoaneng sa pele ’me bonyane le tšohle lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa February 1
“Ho ’nile ha buuoa haholo ka Armagedone lilemong tsa morao tjena. Na u nahana hore ho na le seo batho ba ka se etsang ho thibela Armagedone? [Emela karabo.] Lentsoe Armagedone le tsoa temaneng ena. [Bala Tšenolo 16:16. Ebe u mo bontša sehlooho se sekoahelong sa makasine.] Makasine ena e bontša hore na Bibele e araba lipotso tsena joang.”
Tsoha! February
Kajeno batho ba bangata ba thabela ho buisana ka Inthanete. Na u nahana hore ho na le likotsi tse ka hlahisoang ke mokhoa oo oa puisano? [Emela karabo.] Bibele e na le melao-motheo e ka re sireletsang ha re sebelisa Inthanete. [Phetla leqepheng la 6-9, ebe u tšohla e ’ngoe ea lipotso tse botsitsoeng moo ’me u bale lengolo le bontšitsoeng.] Makasine ena e tla u thusa hore u bone likotsi tse tsamaisanang le ho buisana le ba bang ka Inthanete le hore na u ka li qoba joang.”