Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa September
“Letsatsi le letsatsi batho ba lichaba tse sa tšoaneng le ba malumeli a sa tšoaneng baa rapela. Na ebe Molimo o mamela lithapelo tsee kaofela ebile oa li araba?” Emela karabo. Ebe u mo fa Molula-Qhooa oa September 1, ’me u tšohle le eena taba e tlas’a sehloohoana sa pele leqepheng la 16 le bonyane lengolo le le leng ho a sa qotsoang. Mo siele limakasine, ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa September 1
Bontša motho sehlooho se seholo sa makasine, ebe u re: “U ne u tla araba potso ee joang? [Emela karabo.] Elelloa seo Bibele e se buang. [Bala 1 Johanne 5:19.] Ho ea ka lengolo lena, ‘ea khopo,’ kapa Diabolose ke eena ea busang lefatše. Empa seo se etsa hore motho a ipotse lipotso tse kang tsena: Diabolose o tsoa hokae? Na ha e le hantle ke motho oa sebele? Molimo o tla mo lumella hore a buse ka nako e kae? Makasine ena e bontša hore na Bibele e araba lipotso tsena joang.”
Tsoha! September
“Kajeno batho ba bangata ba imetsoe kelellong ka lebaka la mathata a lichelete. Ebe ke hobane’ng ha batho ba hula ka thata hakaale licheleteng? [Emela karabo.] Bibele e na le lipolelo tse bohlale tse thusitseng ba bangata hore ba sebelise chelete ea bona ka bohlale. [Bala le leng la mangolo a hlahang leqepheng la 8-9.] Makasine ena e fa batho ba qoetseng likolotong litlhahiso tse molemo.”