Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/12 leq. 4
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 8/12 leq. 4

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho qala lithuto tsa Bibele ka Moqebelo oa pele oa September

“Batho ba bangata ba lumela hore ka letsatsi le leng Molimo o tla ba ahlola ho latela liketso tsa bona. Na u nahana hore Letsatsi la Kahlolo ke ntho eo motho a ka e lebellang ka thabo kapa ka tšabo? [Emela karabo.] Hlokomela se buuoang mona.” Neha mong’a ntlo Molula-Qhooa oa September 1, ’me le tšohle sehloohoana sa pele leqepheng la 16 le bonyane temana e le ’ngoe. Mo siele limakasine ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.

Molula-Qhooa September 1

“Libakeng tse ngata lefatšeng, basali baa khetholloa ebile ba tšoaroa hampe. Hoa soabisa hore ebe ke lithuto tsa bolumeli tse tlatselitseng boemong bona. Na u lumela hore Molimo o hlile o tsotella basali? [Emela karabo.] Ela hloko hore na Bibele e laela banna hore ba tšoare basali ba bona joang. [Bala Baefese 5:28, 29.] Makasine ena e senola seo Bibele e se buang mabapi le hore na Molimo o talima basali joang.”

Tsoha! September

“Batho ba bangata ba re ka letsatsi le leng lintho tsohle tse phelang li tla timela lefatšeng, mohlomong li timetsoa ke ntoa ea nyutlelie kapa koluoa ea tlhaho, e kang ho thulana ha lipolanete tse nyenyane kapa ho fetoha ha tlelaemete. Na u nahana hore letsatsi la kahlolo leo ho buuoang ka lona ke la sebele kapa ke toro feela? [Emela karabo.] Bibele e fana ka tšepiso ena e khothatsang. [Bala Pesaleme ea 37:29.] Makasine ena e tšohla tse ling tsa lintho tseo batho ba atisang ho re li tla etsahala ka letsatsi la kahlolo hammoho le tlhaloso e utloahalang ea Bibele ea se tla etsahala nakong e tlang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela