Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa September
“Batho ba bangata ba lumela ho mangeloi. Na le uena u lumela ho ’ona? [Emela karabo.] Mangeloi ke libōpuoa tsa moea tse matla haholo, empa na u nahana hore a ka re thusa? Bibele e re bolella kamoo a thusang batho kateng kajeno.” Mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa September 1, ’me le buisane ka lintlha tsa potso ea pele ebe le tšohla bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa September 1
“Na u nahana hore batho ba senya lefatše ka ho feletseng? [Emela karabo.] Le hoja motho a se na bokhoni ba ho lokisa tšenyo eo a e entseng, Bibele e re bolella hore Molimo a ka e lokisa ebile o labalabela ho etsa joalo. Pesaleme ea 65:9 ke eona e re tiisetsang sena. [E bale.] Makasine ona oa Molula-Qhooa o bua ka hore na Molimo o tla hlokomela lefatše joang le kamoo re ka thabelang mahlohonolo ana a nakong e tlang. Na nka u siela oona hore u sale u o bala?”
Tsoha! September
“Batho ba bangata ba nahana hore ba sebelisoa ho tlōla ke bahiri ba bona ’me ha ba bone mokhoa oa ho tsoa khatellong eo. Litsebi li bolela hore ho imeloa ke mosebetsi ho ka etsa hore motho a tepelle, e leng se ka lematsang motho ’meleng le maikutlong. U nahana hore ke eng e ka thusang motho hore a se ke a tepella? [Emela karabo.] Temana ea Bibele e tla re thusa ho nahana ka botebo ke ena. [Bala Moeklesia 4:6.] Makasine ona o hlalosa litsela tse ’nè tseo ka tsona re ka etsang lintho ka tatellano ’me ra sebetsana le mokhathala o feteletseng oa mosebetsing.”