Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Selemong sa tšebeletso sa 2011, bahoeletsi ba eketsehile ka phesente e le ’ngoe ho isa ho tse hlano linaheng tsohle tse tlas’a lekala la Afrika Boroa. Afrika Boroa ho kolobelitsoe barutuoa ba bacha ba 4 337 ’me ha ba le batho ba 216 543 Sehopotsong. Mohoeletsi a le mong oa Swaziland o lokela ho pakela baahi ba 388. St. Helena teng mohoeletsi a le mong o lokela ho pakela baahi ba 35. Buka ea Selemo ea 2012 e tla fana ka makolopetso a feletseng a mosebetsi o babatsehang o finyeletsoeng tšimong ea rōna.