Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa February
“Batho bao re buang le bona ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka Bibele. Ba bang ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, ha ba bang bona ba e nka e le buka feela tjee. Uena, maikutlo a hao ke afe ka Bibele?” Emela karabo. Mo bontše leqephe le ka morao la Molula-Qhooa oa February 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tšohle potso e latelang.
Molula-Qhooa February 1
“Batho ba bangata ba ka lakatsa ho bona lintoa li felile. Na u nahana hore khotso e ka ba teng lefatšeng lohle? [Emela karabo.] Bona hore na Mangolo a tšepisa’ng. [Bala Pesaleme ea 46:9.] Ntho e thahasellisang ke hore, lintho tse ileng tsa etsahala nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše le ka mor’a eona, li re fa tšepo ea hore haufinyane Molimo o tla phethahatsa boprofeta bona ’me a felise lintoa ka ho feletseng. Makasine ena e hlalosa seo.”
Tsoha! February
“Re u etetse hakhutšoanyane ho tla buisana le uena ka bothata bo atileng. Ho bonahala eka batho ha ba na nako e lekaneng ea ho etsa lintho. U nahana hore ke hobane re e-na le mesebetsi e mengata eo re lokelang ho e etsa kapa ke hobane re senya nako e ngata? [Emela karabo.] Batho ba bangata ha ba tsebe hore Bibele e re fa keletso e ka re thusang hore re sebelise nako ea rōna ka bohlale. Mohlala o mong ke ona. [Bala Bafilipi 1:10a.] Makasine ena e bua ka likeletso tse ’nè tse thusitseng batho ba bangata hore ba sebelise nako ea bona ka bohlale.”