Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa May
“Re le etetse hakhutšoanyane ho tla buisana le lōna ka potso ena e ipiletsang. [Mo bontše potso ea pele leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa May 1.] Uena u re’ng ka taba ee?” Emela karabo. Buisanang ka lintlha tse hlahang tlas’a potso eo ʼme ka mor’a moo le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o buisana ka potso e latelang.
Molula-Qhooa May 1
“Kaha batho ba bangata ba rata ho tseba ka bokamoso, re u etetse ho tla buisana le uena ka taba eo. U ikutloa joang ha u nahana ka bokamoso? Na u na le tšepo kapa u tšoenyehile? [Emela karabo, ebe u bala e ’ngoe ea litemana tse lebokoseng leo sehlooho sa lona se reng, “Seo Molimo a se Senotseng ka Bokamoso.”] Makasine ena e bolela tse ling tsa lintho tseo Molimo a reng li tla etsahala ’me e bontša hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore li tla etsahala.”
Tsoha! May
“Re buisana le batho hakhutšoanyane ka hore na khatello ea kelello e ka laoloa joang. Na u bona eka batho ba imetsoe kelellong ho feta nakong e fetileng? [Emela karabo.] Ba bangata ba lemohile hore keletso e molemo ea Bibele e ba thusa ho laola khatello ea kelello. Mohlala o mong ke ona. [Bala Matheu 6:34.] Makasine ena e hlalosa kamoo melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho laola lintho tse ’nè tse etsang hore batho ba imeloe kelellong.”
Tlhokomeliso: Khatiso ena e ka ’na ea ipiletsa haholo ho bahoebi.