Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa October
“Re ntse re etela baahelani ba rōna ka nako e khutšoanyane ho bua le bona ka puso e molemo. Na u nahana hore ho na le ’muso o ka khonang ho felisa mathata a maholo, a kang lintoa le leeme?” Emela karabo. Hopotsa mong’a ntlo hore Thapelong ea Morena, Jesu o rutile balateli ba hae ho rapella hore ’muso oa mofuta oo, e leng ’Muso oa Molimo, o tle. Mo bontše leqephe le ka morao la Molula-Qhooa oa October 1, ebe le buisana ka lintlha tse tlas’a potso ea pele ʼme ka mor’a moo le tšohle bonyane lengolo le le leng ho a bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.
Molula-Qhooa October 1
“Re ntse re qoqa hakhutšoanyane le baahelani ba rōna ka mantsoe ana a thapelo e tloaelehileng eo Jesu a e rutileng balateli ba hae. [Bala Matheu 6:9, 10.] Na u kile ua fumana tlhaloso e ntle ea hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a ruta haholo hakana ka oona? [Emela karabo.] Makasine ona o bontša seo Bibele e se buang ka ’Muso oa Molimo hammoho le melemo e meng e hlollang eo o tla e tlisa lefatšeng.”
Tsoha! October
“Re ntse re etela batho ka nako e khutšoanyane ho ba thusa hore ba fumane karabo ea potso ena. [Mo bontše leqephe le ka ntle la makasine.] Na u nahana hore motho o lokela hore e be morui e le hore e be ea atlehileng e le kannete? [Emela karabo.] Bibele e re thusa ho talima leruo ka tsela e nepahetseng. [Bala Luka 12:15.] Ho ea ka Bibele, motho e mong le e mong a ka atleha e le kannete. Taba ena e hlalosoa makasineng ona.”