Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho qala lithuto tsa Bibele Moqebelong oa pele oa October
“Kea tšepa u tla lumellana le ’na hore bophelo bo bonahala bo le bokhutšoanyane haholo. Na u bona eka ho na le mohla re tla ke re felise ho kula ’me re lelefatse bophelo ba rōna? [Emela karabo.] Hlokomela se ngotsoeng mona.” Fa mong’a ntlo Molula-Qhooa oa October 1 u ntan’o tšohla le eena sehloohoana sa pele leqepheng la 16 ’me bonyane u bale lengolo le le leng. Lokisetsa ho khutla e le hore le tšohle karabo ea potso e latelang.
Molula-Qhooa October 1
“Re etela batho kaha ba bangata ba amehile ka bobolu bo etsahalang litabeng tsa khoebo le tsa puso. U bona eka ho na le se ka etsoang ka bothata boo? [Emela karabo.] Hlokomela se ngotsoeng mona ka hore na Jesu o tla etsa’ng ka ba anngoeng ke bobolu. [Bala Pesaleme ea 72:12-14.] Makasine ena e bontša kamoo haufinyane bobolu bo tla fela.”
Tsoha! October
“Batsoali ba bangata ba batla hore bana ba bona ba rutehe. Na u bona eka bacha ba qetang sekolong matsatsing aa ba itokiselitse mathata a bophelo? [Emela karabo.] Bona hore na Bibele e re’ng ka bohlokoa ba ho ba le tsebo le bohlale. [Bala Moeklesia 7:12.] Makasine ena e na le lintlha tse hlano tse ka thusang bana ho atleha sekolong.”