Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Re thabela ho le tsebisa hore linaheng tsohle tse tlas’a lekala la Afrika Boroa ho bile le palo e ntle ea ba bileng teng Sehopotsong: Botswana ba 5 790, Namibia ba 6 190, Swaziland ba 7 496, ’me St. Helena ba 288. Lesotho le tlalehile tlhōrō ea ba 9 575, ’me Afrika Boroa ea ba 217 952. Bahoeletsi ba chesehang ba linaha tsena ba khannile lithuto tsa Bibele tse 143 238. E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele re e-na ‘le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.