Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 8 October
BEKE E QALANG KA LA 8 OCTOBER
Pina ea 75 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 27 ¶19-26, mabokose a ho maq. 212, 214, 217 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Daniele 7-9 (10 mets.)
No. 1: Daniele 7:13-22 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na Bibele e Bontša Hore Bakreste ba ’Nete ba ne ba Tla Hlophiseha?—rs leq. 327 ¶1-4 (5 mets.)
No. 3: Jehova o Tšepahala ka Litsela Life?—Tšen. 15:4; 16:5 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Haeba e Mong a re, ‘Ke Tšoarehile.’ Puisano e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 19, serapeng sa 5, ho ea leqepheng la 20, serapeng sa 4. Tšohla tse ling tsa likarabo tse sebetsang hammoho le likarabo tse ling tse ileng tsa atleha ha li sebelisoa tšimong ea lōna. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tse khutšoanyane.
10 mets: Re Ithuta’ng? Puisano. Bala Matheu 21:12-16 le Luka 21:1-4. Tšohlang hore na re ithuta’ng litlalehong tseo.
10 mets: “Na U ka Kopanela Mosebetsing oa ho Paka Mantsiboea?” Lipotso le likarabo. Ha le tšohla serapa sa 2, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba ne ba etsa mosebetsi oa ho paka mantsiboea.
Pina ea 92 le Thapelo