Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa October
“Linakong tsena tse thata, kaofela ha rōna re talimana le mathata a hatellang malapa. U bona eka re ka fumana tataiso e tšepahalang hokae e ka re thusang hore re phele ka thabo malapeng a rōna?” Emela karabo. Ebe u fa motho eo u buisanang le eena Molula-Qhooa oa October 1, ’me u tšohle boitsebiso bo ka tlas’a sehloohoana se seng leqepheng la 16 le la 17 le bonyane temana e le ’ngoe e bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tšohle e ’ngoe ea lipotso tse setseng.
Molula-Qhooa October 1
Bontša motho eo u buisanang le eena sehlooho se sekoahelong sa makasine, ebe u botsa potso ena, “U ne u tla ikutloa joang haeba u hlokomela hore u boleletsoe bohata mabapi le Molimo? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ha a bua ka tsela ea ho khetholla lithuto tsa ’nete ho tsa bohata. [Bala Johanne 17:17.] Kahoo, ke Bibele feela e re bolellang ’nete ka Molimo. Makasine ena e tšohla lithuto tse hlano tsa bohata tseo batho ba li tloaetseng mabapi le Molimo tseo Bibele e li senolang.”
Tsoha! October
“Kajeno re etsa tšebeletso ea sechaba e ka thusang malapa. U ka re matsatsing aa batsoali ba talimane le bothata bofe bo boholo ka ho fetisisa ha ba hōlisa bana? [Emela karabo.] Batsoali ba bangata ba tšepa keletso ea Bibele. Ka mohlala, mantsoe ana a bohlale aa thusa tabeng ea ho laea bana. [Bala Baefese 4:31.] Makasine ena e bontša kamoo keletso ea Bibele e ka thusang batsoali kateng boemong bo bong le bo bong ba khōlo ea bana ba bona, ho tloha boseeng ho fihlela lilemong tsa bocha.”