Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/13 leq. 8
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 1/13 leq. 8

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa February

“Batho ba bangata ba nahana hore Diabolose ke eena ea hlohlelletsang bobe bo teng lefatšeng. Empa baa ipotsa: ‘Diabolose o bile teng joang? Na o bōpiloe ke Molimo?’ U nahana joang ka taba ee? [Emela karabo.] Hlokomela seo re se balang mona.” Mo bontše sehlooho se leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa oa February 1, ʼme u tšohle serapa sa pele le lengolo le bontšitsoeng. Mo siele limakasine, ’me u lokisetse ho khutla e le hore le tl’o tšohla potso e latelang.

Molula-Qhooa February 1

“Re ka thabela ho utloa maikutlo a hao ka motho e mong ea hlomphuoang haholo ke Bakreste, Bajuda le Mamosleme ka ho tšoana. Motho eo ke Moshe. Ntho ea pele eo u e nahanang ha u utloa lebitso la hae ke efe? [Emela karabo.] Le hoja Moshe a ile a etsa liphoso, hoa thahasellisa ho utloa tsela eo Bibele e mo hlalosang ka eona. [Bala Deuteronoma 34:10-12.] Makasine ena e hlalosa litšobotsi tse ntle tse tharo tseo a neng a e-na le tsona le hore na re ka mo etsisa joang.”

Tsoha! February

“Kajeno ho tloaelehile hore batho ba fallele naheng e ’ngoe ho ea batla makhulo a matala. Na u nahana hore kamehla ba fumana seo ba se batlang? [Emela karabo.] Ho falla hase ntho e ncha. Hlokomela mohlala ona o tsoang bukeng ea pele ea Bibele. [Bala Genese 46:5, 6.] Makasine ena e tšohla lipotso tsena.” Bontša mong’a ntlo lipotso tse hlahang qetellong ea leqephe la 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela