Young People Ask—How Can I Make Real Friends?
Jehova o entse hore batho ba sebelisane le hore ba be le metsoalle. (Liprov. 17:17; 18:1, 24) E le hore likamano tsena li re tsoele molemo, re lokela ho khetha metsoalle ka hloko. (Liprov. 13:20) Ka mor’a ho shebella video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends?, na u ka araba lipotso tse latelang?
Selelekela:
(1) Motsoalle oa ’nete ke ea joang?
Litšitiso Tsa Setsoalle:
(2) U ka etsa joang e le hore u se ke ua ikutloa eka batho baa u khetholla? (Bafil. 2:4) (3) Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho ntlafatsa botho ba rōna, hona ke mang ea ka re thusang ho etsa joalo? (2 Bakor. 13:11) (4) Re ka etsa joang hore re be le metsoalle e mengata?—2 Bakor. 6:13.
Setsoalle le Molimo:
(5) Re ka etsa joang e le hore re be le kamano e haufi-ufi le Jehova, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore re etse boiteko bo joalo? (Pes. 34:8) (6) Ha re etsa hore Jehova e be motsoalle oa rōna e moholo, ke batho ba mofuta ofe bao e tla ba metsoalle ea rōna, hona setsoalle seo se tla re tsoela molemo joang?
Metsoalle e Mebe:
(7) Ke batho ba mofuta ofe bao e leng metsoalle e mebe? (1 Bakor. 15:33) (8) Metsoalle e mebe e ka senya kamano ea motho le Jehova joang?
Tšoantšiso ea Mehleng Ena:
(9) Tlaleho ea Bibele e buang ka Dina e re ruta’ng? (Gen. 34:1, 2, 7, 19) (10) Tara o ile a ipehela lebaka lefe la ho tloaelana le bacha bao e seng Bakreste? (11) Metsoalle ea Tara ea sekolong e ile ea mo beha maemong afe a kotsi? (12) Ke hobane’ng ha batsoali ba Tara ba sa ka ba hlokomela hore o kotsing, empa ha ba hlokomela ba ile ba mo thusa ka tsela efe e le hore a boele a be le kamano e ntle le Jehova? (13) Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa ’nete oa Tara? (14) Ke eng e ileng ea etsa hore Tara a shebe lintho ka leihlo le leng?
Qetello:
(15) Ke sefe seo u ithutileng sona videong ee? (16) U ka sebelisa video ee joang ho thusa batho ba bang?
E se eka re ka khetha metsoalle e tla re thusa hore re boloke setsoalle sa bohlokoa ka ho fetisisa—e leng setsoalle le Molimo!—Pes. 15:1, 4; Esa. 41:8.