Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/12 leq. 2
  • U se ke Ua ba Leqe—Hobane U Ikhalala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua ba Leqe—Hobane U Ikhalala
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka ba Tichere!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Iketsetse Pakane ea ho Khanna Thuto ea Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 11/12 leq. 2

U se ke Ua ba Leqe—Hobane U Ikhalala

1. Ke hobane’ng ha ba bang ba le leqe ho buella thuto ea Bibele?

1 Na u leqe ho buella thuto ea Bibele hobane u nahana hore u ke ke ua khona ho e khanna? Ka linako tse ling bahlanka ba tšepahalang ba nakong e fetileng, ba kang Moshe le Jeremia, ba ne ba ikutloa ba sa tšoanelehe hore ba ka phetha likabelo tsa bona. (Ex. 3:10, 11; 4:10; Jer. 1:4-6) Ka hona, maikutlo a joalo a tloaelehile. A ka hlōloa joang?

2. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khotsofalla ho ea ka ntlo le ntlo feela, ebe re re lithuto tsa Bibele li tla khannoa ke ba bang?

2 Re lokela ho hopola hore Jehova a ke ke a re re etse ntho e re sitang. (Pes. 103:14) Kahoo re ka khona ho phetha thōmo ea rōna ea ‘ho etsa barutuoa’ le ho ‘ba ruta.’ (Mat. 28:19, 20) Tlotla ena Jehova ha aa e fa batho ba seng bakae feela ba nang le tsebo kapa bokhoni. (1 Bakor. 1:26, 27) Ka lebaka leo, ha rea lokela ho khotsofalla ho ea ka ntlo le ntlo feela, ebe re re lithuto tsa Bibele li tla khannoa ke ba bang.

3. Jehova o etsa’ng hore re tšoanelehele ho khanna lithuto tsa Bibele?

3 Jehova o Etsa Hore re Tšoanelehe: Ke Jehova ea etsang hore re tšoanelehele mosebetsi oa ho etsa barutuoa. (2 Bakor. 3:5) O sebelisa mokhatlo oa hae ho re ruta linnete tsa Bibele tseo esita le batho ba rutehileng haholo lefatšeng lena ba sa li tsebeng. (1 Bakor. 2:7, 8) O re boloketse tlaleho ea mekhoa eo Mosuoe e Moholo, e leng Jesu, a neng a e sebelisa ha a ruta e le hore re mo etsise ebile o lula a sebelisa phutheho ho re koetlisa. Ho phaella moo, Jehova o re file seo re se hlokang hore re rute batho Bibele. O lokiselitse lithulusi tse kang buka ea Seo Bibele e se Rutang, e hlalosang ’nete ka tsela e hlakileng le eo ho leng bonolo ho e utloisisa. Ho khanna thuto ea Bibele ho ka ba bonolo ho feta kamoo re nahanang kateng.

4. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla re thusa?

4 Jehova o ile a thusa Moshe le Jeremia hore ba phethe likabelo tsa bona. (Ex. 4:11, 12; Jer. 1:7, 8) Le rōna re ka kōpa Jehova hore a re thuse. Etsoe ha re khanna lithuto tsa Bibele, re ruta batho seo e leng ’nete ka Jehova, ’me seo se khahlisa Molimo. (1 Joh. 3:22) Ka hona iketsetse pakane ea ho kopanela mosebetsing oa ho khanna lithuto tsa Bibele, e leng karolo e thabisang le e khotsofatsang ea tšebeletso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela