U ka ba Tichere!
1. Mohoeletsi e mong le e mong oa ’Muso a ka ba le tlotla efe?
1 Ho ruta motho ’nete ke e ’ngoe ea lintho tse thabisang ka ho fetisisa tšebeletsong. Ho mo bona a amohela molaetsa oa ’Muso le ho mo thusa ho atamela haufi le ’Musi oa bokahohle ke tlotla e khōlō. (Jak. 4:8) Mohoeletsi e mong le e mong oa ’Muso o lokela ho ipehela pakane ea ho ruta motho ea lapetseng ’nete le ho bona ha a qala ho fetola botho ba hae, pono ea hae le boitšoaro ba hae.—Mat. 28:19, 20.
2. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba tsilatsila ho khanna thuto ea Bibele, hona ba ka thusoa ke’ng ho hlōla bothata boo?
2 Itšetlehe ka Jehova: Linakong tse fetileng, bahlanka ba tšepahalang ba ne ba nka hore ha ba tšoanelehe ho etsa mosebetsi oa bona. Moshe, Jeremia, Amose, le batho ba bang ba tloaelehileng ba ile ba itšetleha ka Jehova Molimo ’me ba hlōla lipelaelo tseo ba neng ba e-na le tsona kapa ho se itšepe ’me ba etsa mosebetsi oa bohlokoa. (Ex. 4:10-12; Jer. 1:6, 7; Amose 7:14, 15) Moapostola Pauluse le eena o ile a “iteta sebete.” Joang? O itse e bile “ka Molimo oa rōna.” (1 Bathes. 2:2) Ka sebele, kaofela ha rōna re ka tšepa Jehova hore o tla re thusa, a re fe bohlale le matla ao re a hlokang hore re khanne lithuto tsa Bibele tse hatelang pele.—Esa. 41:10; 1 Bakor. 1:26, 27; 1 Pet. 4:11.
3, 4. Re koetlisoa joang hore re rute Lentsoe la Molimo?
3 Amohela Koetliso: Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova Molimo, o sebelisa lenaneo la kamehla la thuto ea moea ho re koetlisa hore re be matichere a tšoanelehang ka botlalo. (Esa. 54:13; 2 Tim. 3:16, 17) Amohela koetliso ena ka ho ikitlaetsa ha u fumana menyetla ea ho ntlafatsa tsela eo u utloisisang Mangolo ka eona le bokhoni ba hao ba ho ruta linnete tsa Bibele. Le hoja e le oona morero o ka sehloohong oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso, liboka tsohle tsa phutheho li re koetlisetsa ho ruta Lentsoe la Molimo.
4 Ikitlaelletse ho ithuta litsela tse bonolo tsa ho ruta linnete tse tebileng tsa Bibele. Buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 227, e re: “U lokela ho utloisisa taba ea hao ka ho hlaka haeba u batla hore ba bang ba e utloisise.” Ho fana ka likarabo libokeng ho re thusa ho hatisa lintlha tsa sehlooho ka kelellong e le hore re ka li sebelisa nakong e tlang. Kahoo lokisetsa hantle, ’me ha u etsa joalo u tla ba sebete haholoanyane ha u ruta.
5. Ho na le koetliso efe e eketsehileng ka phuthehong e re thusang ho ba matichere a hatelang pele?
5 Ha ho pelaelo hore ho tloha qalong, baboleli ba Bakreste ba ithutile ho ba bang ha ba ntse ba sebetsa hammoho mosebetsing oa ho etsa barutuoa. (Luka 10:1) Haeba ho khoneha, tsamaea le bahoeletsi ba nang le phihlelo, ho akarelletsa le bo-pula-maliboho, baholo le balebeli ba tsamaeang, ha u il’o khanna lithuto tsa Bibele. Hlokomela kamoo ba sebelisang lipapiso tse bonolo le lithuso tse ling tsa ho ruta tse ka har’a lingoliloeng tsa rōna ha ba hlalosa linnete tsa Mangolo. E-re ba u fe malebela a hore na u ka ba tichere e atlehang joang. (Liprov. 1:5; 27:17) Ananela koetliso eo eohle hobane e tsoa ho Molimo.—2 Bakor. 3:5.
6. Ha e le hantle ho hlokahala’ng hore motho e be tichere ea Lentsoe la Molimo?
6 Itšetlehe ka Jehova, ’me u rue molemo koetlisong eo a fanang ka eona. Rapella hore u hatele pele. (Pes. 25:4, 5) Le uena u ka thabela ho thusa motho hore a tšoane le uena, e be tichere ea Lentsoe la Molimo!