Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/11 leq. 2
  • Jehova o re Koetlisetsa Mosebetsi Ona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o re Koetlisetsa Mosebetsi Ona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Kamoo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re Ruisang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 9/11 leq. 2

Jehova o re Koetlisetsa Mosebetsi Ona

1. Ha Jehova a fa batho mosebetsi, o boetse o etsa’ng?

1 Ha Jehova a fa batho mosebetsi, o boetse o ba thusa ho o etsa. Ka mohlala, ha Jehova a ne a bolella Noe hore a hahe areka, e leng seo ho neng ho se mohla Noe a kileng a se etsa, O ile a boela a mo bolella hore na a e hahe joang. (Gen. 6:14-16) Ha Jehova a roma Moshe, eo e neng e le molisa ea bonolo hore a ee ho banna ba baholo ba Iseraele le ho Faro, O ile a mo khothatsa a re: “Ke tla ba le molomo oa hao ’me ke tla u ruta seo u tšoanetseng ho se bua.” (Ex. 4:12) Le rōna Jehova o re file litaelo tsa kamoo re ka etsang mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo. O re koetlisetsa mosebetsi ona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso. Re ka rua molemo joang koetlisong ee?

2. Re ka rua molemo joang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?

2 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo: Lokisetsa hantle pele u ea sebokeng se seng le se seng. Joale, ha u bona kamoo liithuti tse fuoeng lipuo li sebelisang boitsebiso kateng, u tla ntlafatsa tsela eo u rutang ka eona. (Liprov. 27:17) Tloo le buka ea hao ea Sekolo sa Tšebeletso ’me u ngole lintlha ho eona. Ha molebeli oa sekolo a qotsa lintlha tsa eona ka mor’a puo ea seithuti ka seng, tšoaea lintlha tsa bohlokoa tseo u batlang ho li sebelisa, ’me u li ngole ka mahlakoreng a leqephe. Leha ho le joalo, tsela e molemohali eo u ka ruang molemo ka eona sekolong sena ke ka ho nka karolo. Na u ngolisitse? Ha u fuoa puo, lokisetsa hantle ’me u sebelise keletso eo u e fuoang. Ha u le tšimong, sebelisa seo u ithutileng sona.

3. Ke’ng e tla re thusa hore re rue molemo Sebokeng sa Tšebeletso?

3 Seboka Sa Tšebeletso: Re tla hopola hantle lintlha tseo re li fumaneng sebokeng sena haeba re bala boitsebiso esale pele le haeba re lokisetsa ho araba. Haeba re araba ka bokhutšoanyane, ba bangata ba tla khona ho araba. Ela hloko ha ho etsoa lipontšo, ’me u sebelise lintlha life kapa life tseo u lumelang hore li tla ntlafatsa tšebeletso ea hao. Ha Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e na le lihlooho tse ka u thusang tšimong, u li boloke e le hore u tle u li sebelise nakong e tlang.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa koetliso eo Molimo a re fang eona?

4 Mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle ha o bonolo joalokaha mosebetsi o neng o fuoe Noe le o neng o fuoe Moshe o ne o se bonolo. (Mat. 24:14) Re ka atleha haeba re tšepile Jehova, Morupeli oa rōna e Moholo, ’me re sebelisa ka tsela e molemo koetliso eo a re fang eona.—Esa. 30:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela