Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kr khao. 17 maq. 182-191
  • Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso
  • ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Feela Joalokaha Ntate A Nthutile Kea Bua’
  • Ho Koetlisa Basebetsi ho ba Baevangeli
  • Ho Koetlisa Barab’abo Rōna ho Etsa Mesebetsi e Khethehileng
  • Likolo Tsa Puso ea Molimo—Bopaki ba Hore Jehova oa re Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lipaki Tsa Jehova li Koetlisoa Joang Bakeng sa Tšebeletso ea Tsona?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Na U Ithuta Sohle Seo U ka Ithutang Sona ho Jehova?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
Bala Tse Ling
’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
kr khao. 17 maq. 182-191

KHAOLO 17

Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Kamoo likolo tsa puso ea Molimo li koetlisang basebetsi ba ’Muso ho phetha likabelo tsa bona

1-3. Jesu o ile a atolosa mosebetsi oa boboleli joang, hona re ka ipotsa lipotso life?

JESU o ile a qeta lilemo tse peli a bolela Galilea. (Bala Matheu 9:35-38.) O ile a etela metse le metsana e mengata, a ruta ka lisynagogeng ’me a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Hohle moo a neng a bolela teng, letšoele le ne le mo latela. Jesu o ile a hlokomela hore “kotulo e khōlō” ’me ho hlokahala basebetsi ba bangata.

2 Jesu o ile a lokisetsa ho atolosa mosebetsi oa boboleli. Joang? Ka hore a romele baapostola ba hae ba 12 hore ba ‘bolele ’Muso oa Molimo.’ (Luka 9:1, 2) E ka ’na eaba baapostola ba ile ba ipotsa hore na ba tla etsa mosebetsi ona joang. Kaha Ntate oa hae oa leholimo o ile a mo koetlisa, ka lerato Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae pele a ba roma.

3 Re ka ipotsa lipotso tse ’maloa: Ntate oa Jesu o ile a mo koetlisa joang? Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae joang? Na kajeno Morena oa Bomesia o koetlisa balateli ba hae hore ba etse tšebeletso ea bona? Haeba ho joalo, o etsa seo joang?

‘Feela Joalokaha Ntate A Nthutile Kea Bua’

4. Ntate oa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae?

4 Jesu o ne a tseba hantle hore o rutiloe ke Ntate oa hae. Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “Feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” (Joh. 8:28) Ntate oa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae? Ho hlakile hore Mora enoa oa Molimo oa letsibolo o ile a qala ho koetlisoa ka mor’a hore a bōptjoe. (Bakol. 1:15) Mora o ile a ba lehlakoreng la Ntate oa hae, ka lilemo tse se nang palo, a shebile ka hloko a bile a mametse ha a ntse a rupeloa ke ‘Morupeli e Moholo.’ (Esa. 30:20) Ka lebaka leo, Mora o ile a fumana thuto e ke keng ea bapisoa le efe kapa efe ka litšobotsi, mesebetsi le merero ea Ntate oa hae.

5. Ntate o ile a fa Mora litaelo life mabapi le tšebeletso eo a neng a tla e etsa lefatšeng?

5 Ka nako e loketseng, Jehova o ile a ruta Mora oa hae ka tšebeletso eo a neng a tla e etsa lefatšeng. Nahana ka boprofeta bo hlalosang kamano e pakeng tsa Morupeli e Moholo le Mora oa hae oa letsibolo. (Bala Esaia 50:4, 5.) Boprofeta bo bolela hore Jehova o ne a tsosa Mora oa hae “hoseng ho hong le ho hong.” Papiso ena e bua ka mosuoe ea tsosang morutoana oa hae esale hoseng e le hore a mo rute. Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele, e re: “Jehova . . . o mo [Jesu] ruta joalokaha mosuoe a ruta ngoana sekolong ’me o mo ruta seo a lokelang ho se ruta le hore na o lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli joang.” “Sekolong” seo sa leholimo, Jehova o ile a ruta Mora oa hae ‘seo a tla se bolela le seo a tla se bua.’ (Joh. 12:49) Ntate o ile a boela a fa Mora oa hae litaelo tsa hore o lokela ho ruta joang.a Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a etsa kamoo a neng a koetlisitsoe kateng, eseng feela ka ho etsa tšebeletso ea hae empa hape le ka ho koetlisa balateli ba hae hore ba phethe tšebeletso ea bona.

6, 7. (a) Jesu o ile a fa baapostola ba hae koetliso efe, hona e ile ea ba hlomella hore ba etse’ng? (b) Mehleng ea rōna, Jesu o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba fumana koetliso ea mofuta ofe?

6 Joalokaha ho boletsoe qalong, Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae joang? Ho latela Matheu khaolo ea 10, o ile a ba fa litaelo tse tobileng mabapi le tšebeletso ea tšimo, ho akarelletsa tse latelang: ba lokela ho bolela hokae (temana ea 5, 6), ba lokela ho bolela molaetsa ofe (temana ea 7), bohlokoa ba ho tšepa Jehova (temana ea 9, 10), ba lokela ho bua le batho joang (temana ea 11-13), ba lokela ho etsa’ng ha batho ba sa ba amohele (temana ea 14, 15), le hore ba lokela ho etsa’ng ha ba hlorisoa (temana ea 16-23).b Koetliso e hlakileng eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae, e ile ea ba hlomella hore ba etelle pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo.

7 Ho etsahala’ng mehleng ea rōna? Jesu, Morena oa ’Muso oa Molimo o file balateli ba hae mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa, e leng oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14) Na Morena oa rōna o re koetliselitse ho etsa mosebetsi oo oa bohlokoa? Ka sebele, ho joalo! A le leholimong, Morena o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba fumana koetliso mabapi le ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho phetha boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong.

Ho Koetlisa Basebetsi ho ba Baevangeli

8, 9. (a) Morero o ka sehloohong oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e ne e le ofe? (b) Liboka tsa har’a beke li u thusitse joang?

8 Ho tloha khale mokhatlo oa Jehova o ’nile oa sebelisa likopano le liboka tsa phutheho, tse kang Seboka sa Tšebeletso, ho koetlisa batho ba Molimo hore ba phethe tšebeletso ea bona. Leha ho le joalo, ho tloha lilemong tsa bo-1940, barab’abo rōna ba etellang pele ntlo-khōlō ba ile ba qala ho lokisetsa hore ho be le likolo tse ’maloa bakeng sa ho koetlisa batho ba Molimo.

9 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, sekolo sena se ile sa qala ka 1943. Na morero oa sekolo see e ne e le feela ho koetlisa liithuti hore li be le bokhoni ba ho fana ka lipuo libokeng? Che. Morero oa sekolo sena o ka sehloohong e ne e le ho koetlisa batho ba Molimo ho sebelisa mpho ea ho bua e le hore ba rorise Jehova tšebeletsong. (Pes. 150:6) Sekolo sena se ile sa hlomella bara le barali babo rōna ba ingolisitseng ho sona hore ebe basebetsi ba ’Muso ba atlehang le ho feta. Hona joale thupelo eo e fumanoa libokeng tsa har’a beke.

10, 11. Ke bo-mang ba ka eang Sekolong sa Gileade, hona morero oa sekolo see ke ofe?

10 Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se ile sa qala ka Mantaha oa la 1, February, 1943. Qalong, se ne se koetlisa bo-pula-maliboho, le batho ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng e le hore e il’o ba baromuoa linaheng tse ling. Empa ho tloha ka October 2011, ho se ho koetlisoa feela batho ba seng ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng, ba kang bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona, Basebeletsi ba Bethele le baromuoa ba tšimong ba sa kang ba ea sekolong sena.

11 Morero oa se rutoang Sekolong sa Gileade ke ofe? Morupeli oa sekolo sena eo e leng khale a li bona o re: “Ke ho matlafatsa tumelo ea liithuti ka ho li khothalletsa hore li ithute Lentsoe la Molimo ka botlalo le ho li thusa ho ba le litšobotsi tse hlokahalang tse tla li thusa ha li tobana le mathata likabelong tsa tsona. Hape, morero o ka sehloohong oa sekolo sena ke ho etsa hore liithuti li be le takatso e matla ea ho etsa mosebetsi oa boevangeli.”—Baef. 4:11.

12, 13. Sekolo sa Gileade se khathile tema efe mosebetsing oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle? Fana ka mohlala.

12 Sekolo sa Gileade se khathile tema efe mosebetsing oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle? Ho tloha ka 1943, batho ba fetang 8 500 ba ile ba koetlisoa sekolong senac ’me baromuoa ba koetlisitsoeng ho sona ba sebelelitse linaheng tse ka holimo ho 170. Baromuoa ba sebelisa thupelo ea bona hamolemo ka ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli le ho koetlisa ba bang hore ba etse se tšoanang. Linaheng tse ngata, baromuoa ba ile ba etella pele mosebetsi likarolong tse neng li e-na le baboleli ba ’Muso ba fokolang.

13 Nahana ka se ileng sa etsahala Japane, moo mosebetsi oa boboleli o ileng oa khaotsa nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Ka August 1949, ho ne ho e-na le baboleli ba ka tlaase ho ba leshome. Leha ho le joalo, ha selemo seo se fela, ho ne ho e-na le baromuoa ba 13 ba tsoang Gileade ba neng ba phathahane ka mosebetsi oa boboleli Japane. Ba bang ba bangata ba ile ba latela. Qalong, baromuoa ba ne ba sebetsa haholo litoropong tse khōlō, empa hamorao, ba ile ba ea metseng e meng. Ka cheseho baromuoa ba ile ba khothalletsa batho ba neng ba ithuta le bona le ba bang hore ba nke bopula-maliboho. Boiteko ba baromuoa bo ile ba etsa hore ho be le liphello tse molemo. Hona joale, ho na le baboleli ba ’Muso ba ka holimo ho 216 000 Japane ’me ba ka etsang liphesente tse 40 ba bona, ke bo-pula-maliboho!d

14. Likolo tsa puso ea Molimo li fana ka bopaki bofe bo matla? (Sheba le lebokose le reng, “Likolo Tse Koetlisang Basebeletsi ba ’Muso,” leqepheng la 188.)

14 Likolo tse ling tsa puso ea Molimo. Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste le Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha; likolo tsena li thusitse bohle ba ileng ba koetlisoa ho tsona hore ba hōle moeeng le hore ba etelle pele ka cheseho mosebetsing oa boevangeli.e Likolo tsena tsohle ke bopaki bo matla ba hore Morena oa rōna o hlomeletse balateli ba hae hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.—2 Tim. 4:5.

Ho Koetlisa Barab’abo Rōna ho Etsa Mesebetsi e Khethehileng

15. Banna ba etellang pele ba etsisa Jesu joang?

15 Na u sa hopola boprofeta ba Esaia bo buang ka hore Molimo o ile a ruta Jesu? “Sekolong” seo sa leholimong Mora o ile a ithuta hore ‘ka lentsoe a tsebe ho araba ea khathetseng.’ (Esa. 50:4) Jesu o ile a sebelisa thuto eo hobane ha a ne a le lefatšeng o ne a khatholla batho “ba sehlang le ba imetsoeng.” (Mat. 11:28-30) Banna ba etellang pele, ba etsisa Jesu ka hore ba khatholle bara le barali babo bona. Ka lebaka leo, likolo tseo li ’nile tsa thusa barab’abo rōna hore ba be le bokhoni ba ho sebeletsa balumeli ’moho le bona.

16, 17. Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso ke ofe? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

16 Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso. Sekolo sena se ile sa qala ka la 9 March, 1959, South Lansing, New York. Balebeli ba tsamaeang hammoho le bahlanka ba phutheho ba ile ba memeloa ho ba teng sekolong sena se neng se nka khoeli. Hamorao, lithuto tse neng li tšoaroa ka Senyesemane feela, li ile tsa fetoleloa lipuong tse ling ’me butle-butle, barab’abo rōna lefatšeng lohle ba ile ba fumana koetliso sekolong sena.f

Lloyd Barry o ruta liithuti tsa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso Japane ka 1970

Mor’abo rōna Lloyd Barry o ruta Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, Japane ka 1970

17 Ha Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1962 e bua ka morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, e ile ea re: “Kaha re lula re phathahane, molebeli oa phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e lokela ho ba monna ea khonang ho hlophisa bophelo ba hae e le hore a hlokomele batho bohle ka phuthehong le ho etsa hore ba thabe. Ka nako e tšoanang ha a lokela ho hlokomela phutheho ho feta ba lelapa la hae empa o lokela ho hlaphoheloa kelellong. Bahlanka ba phutheho lefatšeng lohle ba fumane monyetla o babatsehang hakaakang oa hore ba be teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, e le hore ba fumane koetliso e tla ba thusa ho etsa lintho tseo Bibele e reng balebeli ba lokela ho li etsa!”—1 Tim. 3:1-7; Tite 1:5-9.

18. Batho ba Molimo ba rua molemo joang Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso?

18 Batho ba Molimo kaofela ba ruile molemo Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso? Joang? Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona sekolong ba khatholla balumeli-’moho le bona, joalokaha Jesu a ne a etsa. Na ha u thabe ha moholo kapa mohlanka ea sebeletsang a u etela, a bua le uena ka mosa a bile a u mamela ka hloko ha u bua le eena? (1 Bathes. 5:11) Ruri banna ba joalo ba tlisa thabo liphuthehong tseo ba leng ho tsona!

19. Komiti ea Thuto e hlokomela likolo life tse ling, hona likolo tseo li etselitsoe’ng?

19 Likolo tse ling tsa puso ea Molimo. Komiti ea Thuto ea Sehlopha se Busang e hlokomela likolo tse koetlisang barab’abo rōna ba etellang pele ka mokhatlong. Likolo tseo li etselitsoe ho thusa barab’abo rōna ba etellang pele, ba kang baholo ba phutheho, balebeli ba tsamaeang le litho tsa Komiti ea Lekala, ho phetha boikarabelo ba bona bo bongata ka katleho. Thupelo e thehiloeng Bibeleng e fanoang likolong tsena e thusa barab’abo rōna hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Molimo le hore ba sebelise melao-motheo ea Mangolo ha ba sebelisana le mohlape oa bohlokoa oo Jehova a ba fileng boikarabelo ba hore ba o hlokomele.—1 Pet. 5:1-3

Tlelase ea pele ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Malawi

Tlelase ea pele ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Malawi, ka 2007

20. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bolela hore kaofela ha rōna re “rutoa ke Jehova,” hona u ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Ha ho pelaelo hore Morena oa Bomesia o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba koetlisoa ka ho feletseng. Koetliso ena e tsoa ho Jehova, ea ileng a koetlisa Mora oa hae ’me Mora oa hae eena a koetlisa balateli ba hae. Ke kahoo Jesu a neng a ka bolela hore kaofela ha rōna re “rutoa ke Jehova.” (Joh. 6:45; Esa. 54:13) A re ikemisetseng ho rua molemo ka ho feletseng ha Morena oa rōna a re koetlisa. Hape, re lokela ho hopola hore morero o ka sehloohong oa koetliso ena ke ho re thusa hore re be le kamano e matla le Jehova le ho phetha tšebeletso ea rōna ka botlalo.

a Re tseba joang hore Ntate o rutile Mora hore a rute joang? Nahana ka sena: Ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso tse ngata ha a ruta, o ne a phethahatsa boprofeta bo ileng ba ngoloa lilemo tse makholo pele a tsoaloa. (Pes. 78:2; Mat. 13:34, 35) Ho hlakile hore Mongoli oa boprofeta boo, Jehova, o ne a se a ntse a tseba hore Mora oa hae o ne a tla ruta a sebelisa lipapiso.—2 Tim. 3:16, 17.

b Likhoeli hamorao, Jesu o ile “a khetha ba bang ba mashome a supileng ’me a ba romela ka bobeli” hore ba il’o bolela. O ile a boela a ba koetlisa.—Luka 10:1-16.

c Liithuti tse ling li ile Sekolong sa Gileade ka makhetlo a fetang le le leng.

d E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na baromuoa ba tsoang Gileade ba ile ba khatha tema joang linaheng tse ling, sheba khaolo ea 23 ea buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.

e Likolo tse peli tse qetellang li nketsoe sebaka ke Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso.

f Hona joale baholo bohle ba ka koetlisoa Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se tšoaroang ka mor’a lilemo tse ’maloa hape se tšoaroa ka linako tse fapaneng. Ho tloha ka 1984 bahlanka ba sebeletsang ba ile ba koetlisoa sekolong sena.

’Muso ke oa Sebele Hakae ho Uena?

  • Ntate oa Jesu o ile a mo koetlisa joang?

  • Morena o koetlisitse balateli ba hae joang hore e be baevangeli?

  • Barab’abo rōna ba ile ba koetlisoa joang hore ba phethe boikarabelo ba bona?

  • U ka bontša joang hore u ananela koetliso eo Morena a fanang ka eona?

LIKOLO TSE KOETLISANG BASEBELETSI BA ’MUSO

BOPHELO LE TŠEBELETSO EA RŌNA

Morero: Ho koetlisa bahoeletsi hore e be baboleli le mesuoe ea litaba tse molemo e atlehang.

Nako: Se tšoaroa beke le beke.

Sebaka: Holong ea ’Muso.

Litšoaneleho: Bahoeletsi bohle hammoho le batho ba bang ba kopanelang le phutheho kamehla, ba lumellanang le lithuto tsa Bibele ’me bophelo ba bona bo lumellana le melao-motheo ea Bokreste. E le hore u ngolise, bua le molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rōna.

Melemo: Liboka tsa har’a beke li re ruta ho etsa lipatlisiso ’me re bue ka tsela e hlakileng. Ho e-na le ho nahana feela hore na u ka ntlafatsa hokae, re boetse re ithuta ho mamela batho ba bang e le hore re ka tseba ho ba thusa.

Arnie, eo e leng khale e le molebeli ea tsamaeang, o re: “Ke hōtse ke le lehoelea ’me ke thatafalloa ho sheba batho ka mahlong. Liboka tsena li nthusitse ho ba sebete. Ka thuso ea Jehova, seboka sena se nthutile mekhoa ea ho hema le ea ho tsepamisa mehopolo. Ke motlotlo haholo hore ebe ke khona ho rorisa Molimo ka phuthehong le tšebeletsong ea ka.”

Mohoeletsi e monyenyane o bala Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

SEKOLO SA BAHOLO BA PHUTHEHOg

Morero: Ho thusa baholo hore ba hōle moeeng le ho ba thusa ho jara boikarabelo ba bona ka phuthehong.

Nako: Matsatsi a mahlano.

Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala ’me ka tloaelo se tšoareloa Holong ea ’Muso kapa Holong ea Kopano eo bongata bo ka fihlang ho eona habonolo.

Litšoaneleho: Baholo ba tšoanelehang ba mengoa ke ofisi ea lekala.

Melemo: Hlokomela tse ling tsa lintlha tsa barab’abo rōna ba neng ba le tlelaseng ea bo-92 sekolong sa Patterson, New York, U.S.A.:

“Sekolo sena se nthuisitse molemo haholo, sa nthusa hore ke itlhahlobe hore na nka hlokomela linku tsa Jehova joang.”

“Ke tla boloka boitsebiso bona bophelo bohle ba ka.”

SEKOLO SA TŠEBELETSO SA BOPULA-MALIBOHO

Morero: Ho thusa bo-pula-maliboho hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Tim. 4:5.

Nako: Matsatsi a tšeletseng.

Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala, hangata e ba Holo ea ’Muso e haufi.

Litšoaneleho: Ho ea bahoeletsi ba qetileng selemo e le bo-pula-maliboho’me ba mengoa ke molebeli oa potoloho. Bo-pula-maliboho ba bang ba khale ba seng ba qetile lilemo tse hlano ba khutlile sekolong seo ba ka ’na ba mengoa hape.

Melemo: Lily o re: “Sekolo sena se nthusitse ho sebetsana ka katleho le liphephetso tseo ke kopanang le tsona tšebeletsong le bophelong ba ka. Tsela ea ka ea ho ithuta, ea ho ruta le tsela eo ke sebelisang Bibele ka eona e ntlafetse haholo. Ke boemong bo botle ba ho thusa ba bang, ba ho tšehetsa baholo le ba ho kenya letsoho khōlong ea phutheho.”

Brenda, ea seng a ile sekolong seo ka makhetlo a mabeli, o re: “Sekolo sena se nthusitse ho utloisisa lintho tsa moea haholoanyane, se matlafalitse tumelo ea ka sa ba sa nthusa ho lebisa tlhokomelo ho thuseng ba bang. Ruri, Jehova o fana ka seatla se bulehileng!”

SEKOLO SA BA SA TSOA FIHLA BETHELE

Morero: Sekolo sena se reretsoe ho thusa ba fihlang Bethele hore ba atlehe tšebeletsong ea bona.

Nako: Se tšoaroa matsatsi a mane ’me letsatsi ka leng se nka lihora tse ’nè.

Sebaka: Bethele.

Litšoaneleho: Ho ea litho tsa lelapa la Bethele tsa nako e tletseng kapa tse ithaopetseng ho sebeletsa Bethele ka nako e etsang selemo kapa ho feta.

Melemo: Demetrius, ea ileng a ea sekolong sena ka bo-1980, o re: “Thupelo ena e ile ea ntlafatsa tsela eo ke neng ke ithuta ka eona ’me ea ntlhomella bakeng sa tšebeletso ea nako e telele ea Bethele. Barupeli, lenaneo la thuto le likeletso tseo ke ileng ka li fumana, li ile tsa nkholisa hore Jehova o amehile ka ’na ka botebo le hore o batla hore ke atlehe tšebeletsong ea Bethele.”

SEKOLO SA BAEVANGELI BA ’MUSOh

Morero: Ke ho fa ba tšebeletsong ea nako e tletseng (banyalani le bara le barali babo rōna ba masoha) thupelo e khethehileng e le hore ba ka sebelisoa haholoanyane ke Jehova le mokhatlo oa hae. Boholo ba batho ba tsoang sekolong sena ba tla abeloa ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo naheng ea habo bona. Ba ntseng ba le ka tlas’a lilemo tse 50 ba ka ’na ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana e le hore ba qale mosebetsi oa boboleli le ho o hōlisa libakeng tse ka thōko.

Nako: Likhoeli tse peli.

Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala, hangata e ba Holong ea ’Muso kapa ea Likopano.

Morali’abo rōna o tšebeletsong ea tšimo

Bar’a le barali babo rōna ba rua molemo koetlisong ea puso ea Molimo

Litšoaneleho: Ba lilemo tse pakeng tsa 23 le 65, ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ba bile ba phetse hantle ’me maemo a bona a ba lumella ho ea moo ho nang le tlhokahalo ea baboleli ba eketsehileng ba bile ba na le boikutlo ba hore “Ke ’na enoa! Roma ’na!” ba ka ’na ba mengoa. (Esa. 6:8) Bara le barali babo rōna ba masoha hammoho le banyalani ba lokela hore ba be ba se ba qetile lilemo tse peli tse latellanang ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Banyalani ba lokela hore ba be ba se ba nyalane bonyane lilemo tse peli. Barab’abo rōna ba lokela ho ba baholo kapa bahlanka ba sebeletsang, bonyane ka lilemo tse peli tse latellanang. Haeba sekolo sena se teng tšimong ea lekala la habo lōna, ho tla ba le seboka se tla tšoareloa kopanong ea setereke se tla hlalosa boitsebiso bona ho batho ba thabelang ho ea ho sona.

Melemo: Ho ’nile ha amoheloa mangolo a khothatsang a tsoang ho batho ba tsoang Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha le ba tsoang Sekolong sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste. Ka 2013, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ea ho kopanya likolo tseo tse peli ’me se bitsoa Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Melemo ea sekolo sena e tla fumanoa ke bo-pula-maliboho ba bangata ba tšepahalang, ho akarelletsa le barali babo rōna ba masoha.

SEKOLO SA BIBELE SA GILEADE SA WATCHTOWER

Morero: Ba tsoang sekolong sena ba ka ’na ba abeloa ho ba balebeli ba tsamaeang, baromuoa kapa litho tsa Bethele. Ha ba sebelisa seo ba ithutileng sona hantle ba ka thusa ho matlafatsa le ho laola lintho tšimong kapa lekaleng.

Nako: Likhoeli tse hlano.

Sebaka: Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.

Liithuti tsa Gileade li mametse morupeli oa Gileade

Tlelase ea Gileade—Patterson, New York

Litšoaneleho: Ho ea banyalani le bara le barali babo rōna ba masoha ba seng ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng. Baromuoa ba tšimong ba neng ba e-s’o ee Gileade le bo-pula-maliboho ba khethehileng, litho tsa Bethele kapa balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba ka ’na ba kōptjoa ke Komiti ea Lekala ea habo bona hore ba ngolise. Ba kōpang ba lokela ho khona ho bua Senyesemane le ho se ngola.

Melemo: Lade le Monique, e leng banyalani ba United States ba neng ba se ba qetile lilemo tse ngata ba le tšebeletsong, ba ile ba bua se latelang:

Lade o re: “Sekolo sa Gileade se ile sa re hlomella hore re ee hohle lefatšeng, re mene lihempe ’me re sebetse le barab’abo rōna.”

Monique o phaella ka ho re: “Ke thabela tšebeletso haholo ha ke sebelisa lintho tseo ke ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo. Ke nka thabo eo e le pontšo ea hore Jehova oa nthata.”

SEKOLO SA TŠEBELETSO SA ’MUSO

Morero: Ke ho koetlisa balebeli ba potoloho, baholo le bahlanka ba sebeletsang hore ba phethe mesebetsi ea bona le ho jara boikarabelo ba mokhatlo. (Lik 20:28) Ho tšohloa lintho tse amanang le maemo a kajeno, mekhoa le maemo a tšohanyetso a liphutheho. Sekolo sena se tšoaroa ka mor’a lilemo tse seng kae, ho ea ka qeto ea Sehlopha se Busang.

Nako: Lilemong tsa morao tjena sekolo sena se ’nile sa tšoaroa ka linako tse fapaneng.

Sebaka: Hangata e ba Holong ea ’Muso kapa Holong ea Kopano e haufi.

Litšoaneleho: Molebeli oa potoloho o mema baholo le bahlanka ba sebeletsang. Ofisi ea lekala e mema balebeli ba tsamaeang.

Melemo: “Le hoja sekolo sena se le se khutšoanyane, se susumetsa baholo hore ba lule ba thabile le hore ba tsoele pele tšebeletsong ea Jehova ka tsela e laolehileng. Baholo ba bacha le bao e leng khale e le baholo ba ithuta ho alosa mohlape ka katleho le hore ba kopane ka ho loketseng ‘mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.”—Quinn.

“Koetliso ena e etsa hore re utloisise lintho tsa moea haholo, e re lemosa ka likotsi tse ka re hlahelang ebile e re fa litlhahiso tse ka re thusang ho hlokomela mohlape.”—Michael.

SEKOLO SA BALEBELI BA POTOLOHO LE BASALI BA BONAi

Morero: Ho thusa balebeli ba potoloho hore ba atlehe haholo ha ba sebeletsa liphutheho le hore ba ‘sebetse ka thata ho bueng le ho ruteng’ ’me ba lise ba tlhokomelong ea bona.—1 Tim. 5:17; 1 Pet. 5:2, 3.

Nako: Khoeli e le ’ngoe.

Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala.

Litšoaneleho: Ofisi ea lekala e mema balebeli ba potoloha le basali ba bona.

Melemo: “Re ile ra thusoa ho utloisisa hore Jesu ke hlooho ea mokhatlo. Re ile ra hlokomela hore ho hlokahala hore re khothatse bara le barali babo rōna bao re ba sebeletsang le hore re matlafatse bonngoe ba phutheho e ’ngoe le e ’ngoe. Thupelo eo e ile ea hatisa likelellong tsa rōna hore le hoja ka linako tse ling molebeli ea tsamaeng a fana ka keletso le khalemelo, ntho e ka sehloohong eo a lokelang ho e etsa, ke hore a thuse barab’abo rōna hore ba hlokomele hore Jehova oa ba rata.”—Joel le Connie, tlelaseng ea pele ea 1999.

SEKOLO SA BARAB’ABO RŌNA BA KOMITI EA LEKALA LE BASALI BA BONA

Morero: Ho thusa ba sebeletsang Komiting ea Lekala hore ba be le bokhoni ba ho hlokomela malapa a Bethele, ho sebetsana le litaba tsa liphutheho le ho okamela lipotoloho tse tšimong ea habo bona.—Luka 12:48b.

Nako: Likhoeli tse peli.

Sebaka: Setsi sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.

Litšoaneleho: Komiti ea Tšebeletso ea Sehlopha se Busang ke eona e memang litho tsa Komiti ea Lekala kapa ea Naha le basali ba bona.

Melemo: Lowell le Cara ba ne ba le tlelaseng ea bo-25. Hona joale ba sebeletsa naheng ea Nigeria.

Lowell o re: “Ke ile ka hopotsoa hore ho sa tsotellehe hore na ke phathahane hakae kapa hore na ke fuoe mosebetsi ofe, ntho e hlokahalang hore motho a khahlise Jehova, ke hore a etse lintho ka tsela eo A reng li etsoe ka eona.”

Cara o hopola ntlha eo a ileng a ithuta eona sekolong seo, o re: “Haeba ke sa khone ho hlalosa taba ka tsela e bonolo, ke lokela ho ithuta eona haholoanyane pele ke leka ho e ruta ba bang.”

g Sekolo sena ha se e-s’o be teng linaheng tse ling.

h Sekolo sena ha se e-s’o be teng linaheng tse ling.

i Sekolo sena ha se e-s’o be teng linaheng tse ling.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela