Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Morero: Ho koetlisa bahoeletsi hore e be baboleli le mesuoe ea litaba tse molemo e atlehang.
Nako: Ha se khaotse.
Sebaka: Holo ea ’Muso.
Litšoaneleho: Bahoeletsi bohle hammoho le batho ba bang ba kopanelang le phutheho kamehla, ba lumellanang le lithuto tsa Bibele ’me tsela eo ba phelang ka eona e lumellana le melao-motheo ea Bokreste.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke eena ea ngolisang liithuti.
Sharon, ea shoeleng litho ka lebaka la lefu le hlaselang methapo ea kutlo e ka mokokotlong le e ka sekotlong (ALS [amyotrophic lateral sclerosis]), o re: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se nthutile hore ke etse lipatlisiso le hore ke hlalose litaba ka tsela e utloahalang. Ke boetse ke ithutile ho ameha ka litlhoko tsa moea tsa batho ba bang—eseng ka tsa ka feela.”
Arnie, eo e bileng molebeli ea tsamaeang ka nako e telele, o re: “Ke hōtse ke le lehoeleha ’me ke ne ke sa khone ho sheba batho ba bang mahlong ha ke bua le bona. Sekolo sena se nthusitse hore ke be sebete le hore ke se ke ka ikhella fatše. Koetliso eo Jehova a mphileng eona sekolong sena e nthusitse hore ke ithute ho hema ka tsela e nepahetseng le ho tsepamisa mohopolo. Ke ananela hore ebe ke khona ho rorisa Molimo ka phuthehong le tšebeletsong ea ka ea boboleli.”
Sekolo sa ba sa Tsoa Fihla Bethele
Morero: Ho thusa ba sa tsoa fihla Bethele hore ba atlehe tšebeletsong ea bona.
Nako: Se nka metsotso e 45 beke le beke ka libeke tse 16.
Sebaka: Bethele.
Litšoaneleho: Ke sa litho tsa lelapa la Bethele tsa nako e tletseng kapa tse ithaopetseng ho sebeletsa Bethele ka nako e etsang selemo kapa ho feta.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Litho tse ncha tsa lelapa la Bethele lia ngolisoa ho sa hlokahale hore li etse kōpo.
Demetrius, ea kileng a ba sekolong sena ka bo-1980, o re: “Thuto eo e ile ea nthusa hore ke ntlafatse tsela eo ke neng ke ithuta ka eona eaba ea nthusa hore ke lokele ho sebeletsa Bethele ka nako e telele. Barupeli, lenaneo la thuto le keletso e sebetsang eo ke ileng ka e fumana li ile tsa ntiisetsa hore Jehova oa ntsotella le hore o batla ho nthusa hore ke atlehe tšebeletsong ea ka ea Bethele.”
Kaitlyn o re: “Ke ile ka thusoa hore ke tsepamise kelello nthong ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng ho ba motho oa moea. Sekolo sa ba sa Tsoa Fihla Bethele se nthusitse hore ke ananele Jehova, ntlo ea hae le mokhatlo oa hae haholo.”
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso
Morero: Ho koetlisa balebeli ba tsamaeang, baholo ’me ka linako tse ling le bahlanka ba sebeletsang hore ba tsebe ho hlokomela mesebetsi ea bona ea bolebeli le ea tsamaiso ea phutheho. (Lik. 20:28) Sekolong seo ho tšohloa maemo a hona joale, mekhoa le litlhoko tse potlakileng tseo liphutheho li nang le tsona. Sekolo sena se tšoaroa ka mor’a lilemo tse ’maloa ho itšetlehile ka qeto ea Sehlopha se Busang.
Nako: Morao tjena sekolo sena se ’nile sa nka matsatsi a mabeli kapa matsatsi a mabeli le halofo bakeng sa balebeli ba tsamaeang, sa baholo se nka letsatsi le halofo ha sa bahlanka ba sebeletsang sona se nka letsatsi le le leng.
Sebaka: Hangata se tšoareloa Holong ea ’Muso kapa Holong ea Kopano.
Litšoaneleho: Motho e tlameha hore ebe ke molebeli ea tsamaeang, moholo kapa mohlanka ea sebeletsang.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba mengoa ke molebeli oa potoloho. Balebeli ba tsamaeang ba mengoa ke ofisi ea lekala.
“Le hoja sekolong seo ho tšohloa boitsebiso bo bongata ka nako e khutšoanyane, se thusa baholo hore ba be mafolofolo ba be ba lule ba thabile ’me ba ‘tsoele pele joaloka banna’ tšebeletsong ea Jehova. Baholo ba bacha le bao e leng khale e le baholo ba ithuta ho alosa mohlape ka katleho le hore ba kopane ka ho loketseng ‘mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.’”—Quinn (ka tlaase).
“Koetliso ena e etsa hore re utloisise lintho tsa moea haholo, e re lemosa ka likotsi tse ka re hlahelang ebile e re fa litlhahiso tse ka re thusang ho hlokomela mohlape. Ruri Jehova o re bontša mosa ka hore ebe oa re thusa.”—Michael.
Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho
Morero: Ho thusa bo-pula-maliboho hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Tim. 4:5.
Nako: Libeke tse peli.
Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala; hangata e ba Holong ea ’Muso.
Litšoaneleho: Motho o lokela hore a be a qetile selemo kapa ho feta e le pula-maliboho oa kamehla.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Ha ho hlokahale hore bo-pula-maliboho ba tšoanelehang ba ingolise, ba tsebisoa ke molebeli oa bona oa potoloho hore na ba ka tla sekolong neng.
Lily (ka ho le letona) o re: “Sekolo seo se nthusitse hore ke hlōle mathata ao ke thulang le ’ona tšebeletsong le bophelong ba ka. Tsela eo ke ithutang, eo ke rutang le ho sebelisa Bibele ka eona e ntlafetse haholo. Ke itokiselitse ho thusa batho ba bang, ho tšehetsa baholo le ho kenya letsoho hore phutheho e hōle.”
Brenda, ea seng a ile sekolong seo ka makhetlo a mabeli, o re: “Se nthusitse hore ke amehe haholo ka lintho tsa moea, ke matlafatse letsoalo la ka ke be ke tsepamise kelello tabeng ea ho thusa batho ba bang. Ruri Jehova o fana ka seatla se bulehileng!”
Sekolo sa Baholo ba Phutheho
Morero: Ho thusa baholo hore ba jare boikarabelo ba bona ka phuthehong le hore ba matlafatse bomoea ba bona.
Nako: Matsatsi a mahlano.
Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala; hangata se ba Holong ea ’Muso kapa Holong ea Kopano.
Litšoaneleho: Ke sa baholo.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Baholo ba mengoa ke ofisi ea lekala.
Hlokomela seo baholo ba bang ba neng ba le sehlopheng sa bo92 sa sekolo seo, se neng se tšoaretsoe United States ba ileng ba se bua:
“Sekolo seo se ntsoetse molemo haholo ’me se nthusitse ho bona hore na nka etsa’ng hore ke hlokomele mohlape oa Jehova.”
“Ke ikemiselitse ho khothatsa batho ba bang haholo ka hore ke hatise lintlha tsa bohlokoa tse ka Mangolong.”
“Ke tla sebelisa seo ke se rutiloeng bophelo bohle ba ka.”
Sekolo sa Balebeli ba Potoloho le ba Setereke Hammoho le Basali ba Bona
Morero: Ho thusa balebeli ba setereke le ba potoloho hore ba atlehe ho sebeletsa liphutheho ha ba ntse ba ‘sebetsa ka thata ho bueng le ho ruteng.’—1 Tim. 5:17; 1 Pet. 5:2, 3.
Nako: Likhoeli tse peli.
Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala.
Litšoaneleho: Ke sa balebeli ba potoloho kapa ba setereke.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Ofisi ea lekala e mema balebeli ba potoloho le ba setereke hammoho le basali ba bona.
“Re ile ra thusoa hore re utloisise hore Jesu ke hlooho ea mokhatlo. Re ile ra hlokomela hore ho hlokahala hore re khothatse bara le barali babo rōna bao re ba sebeletsang le hore re matlafatse bonngoe ba phutheho e ’ngoe le e ’ngoe. Thupelo eo e ile ea hatisa likelellong tsa rōna hore le hoja ka linako tse ling molebeli ea tsamaeng a fana ka keletso le khalemelo, ntho e ka sehloohong eo a lokelang ho e etsa, ke hore a thuse barab’abo rōna hore ba hlokomele hore Jehova oa ba rata.”—Joel, sehlopheng sa pele ka 1999.
Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha
Morero: Ho koetlisa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng mokhatlong oa Jehova. Barab’abo rōna ba bangata ba koetlisitsoeng sekolong sena, ba tla sebeletsa moo ho hlokahalang thuso linaheng tsa habo bona. Ba bang ba ka ’na ba isoa linaheng tse ling haeba ba se na bothata ba ho ea linaheng tseo. Ba bang ba ka ’na ba abeloa ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ’me ba sebelisoe ho bula masimo a macha le ho atolosetsa mosebetsi libakeng tse ka mathōko.
Nako: Likhoeli tse peli.
Sebaka: Se khethoa ke ofisi ea lekala; hangata e ba Holo ea ’Muso kapa Holo ea Kopano.
Litšoaneleho: Ke sa barab’abo rōna ba masoha ba lilemo li pakeng tsa tse 23 le tse 62, ba phetseng hantle ba bileng ba ratang ho sebeletsa hohle moo ho nang le tlhokahalo e khōlō teng. (Mar. 10:29, 30) Ba tlameha hore ba be ba sebelelitse e le bo-pula-maliboho bonyane lilemo tse peli, ’me e bile baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ka lilemo tse peli tse latellanang.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Seboka sa ba ratang ho ingolisa se tšoaroa kopanong ea potoloho e le hore ba fumane boitsebiso bo hlokahalang.
Rick, ea neng a le sehlopheng sa bo23 United States, o re: “Ho tsepamisa kelello ea ka thutong ena ho entse hore moea oa Jehova o etse liphetoho bophelong ba ka. Ha Jehova a u fa kabelo, o u thusa hore u e phethe. Ke ithutile hore ha ke tsepamisa kelello tabeng ea ho etsa thato ea Molimo eseng ho ’na, o tla ’matlafatsa.”
Andreas, ea sebeletsang Jeremane o re, “Ke ile ka ithuta hore tsela eo mokhatlo oa Molimo o sebetsang ka eona kajeno, ekare ke mohlolo. Koetliso eo e ile ea nthusa hore ke itokisetse mosebetsi oo ke neng ke tla o etsa. Hape, mehlala e mengata e ka Bibeleng e nthutile ’nete ena ea bohlokoa: Ho sebeletsa barab’eso le Jehova ho etsa hore motho a thabe e le kannete.”
Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste
Morero: Ho koetlisa banyalani ka tsela e khethehileng e le hore ba ka sebelisoa haholoanyane ke Jehova le mokhatlo oa hae. Banyalani ba bangata ba koetlisitsoeng sekolong sena, ba tla sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō linaheng tsa habo bona. Ba bang ba ka ’na ba isoa linaheng tse ling haeba ba se na bothata ba ho ea linaheng tseo. Ba bang bona ba ka ’na ba abeloa ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ’me ba sebelisoe ho bula masimo a macha le ho atolosetsa mosebetsi libakeng tse ka mathōko.
Nako: Likhoeli tse peli.
Sebaka: Sekolo sena se tšoareloa United States, ’me ho qala ka September 2012, se tla tšoareloa le makaleng a mang a khethiloeng lefatšeng lohle, ’me hangata se tla tšoareloa Liholong Tsa ’Muso kapa Tsa Kopano.
Litšoaneleho: Banyalani ba lilemo li pakeng tsa tse 25 le tse 50, ba phetseng hantle bao maemo a bona a ba lumellang ho sebeletsa kae kapa kae moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ’me ba e-na le maikutlo a hore, “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8) Hape, ba tlameha hore ba be ba nyalane bonyane lilemo tse peli ’me hona joale ba se ba qetile bonyane lilemo tse peli tse latellanang ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Monna o tlameha hore e be e bile moholo kapa mohlanka ea sebeletsang bonyane ka lilemo tse peli tse latellanang.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Seboka sa ba ratang ho ingolisa se tšoaroa kopanong ea setereke e le hore ba fumane boitsebiso bo hlokahalang. Haeba ho sa be le seboka sena kopanong ea setereke naheng ea heno ’me u batla ho etsa kōpo, u ka ngolla ofisi ea heno ea lekala ho fumana boitsebiso.
“Ruri libeke tseo tse robeli li fetotse bophelo ba rōna haholo ’me li fa banyalani ba batlang ho eketsa tšebeletso ea bona ho Jehova monyetla o moholo! Re ikemiselitse ho phela ka tsela e bontšang hore re lekanyetsa lintho hantle, e le hore re tle re tsebe ho sebelisa nako ea rōna ka bohlale.”—Eric le Corina ba bileng sehlopheng sa pele ka 2011.
Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Morero: Ba tla fumana mangolo sekolong sena, ba tla sebelisoa e le baromuoa tšimong libakeng tse nang le baahi ba bangata, e be balebeli ba tsamaeang kapa ba sebeletse Bethele. Sepheo ke hore ba sebelisoe ho matlafatsa mosebetsi tšimong le tsamaiso ea makala.
Nako: Likhoeli tse hlano.
Sebaka: Watchtower Educational Center, Patterson, New York, U.S.A.
Litšoaneleho: Banyalani ba seng ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng—e le baromuoa ba e-s’o fumane koetliso ea Gileade, bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang kapa basebeletsi ba Bethele. Ba tlameha hore ebe ba bile tšebeletsong eo bonyane ka lilemo tse tharo tse latellanang. Ba lokela hore e be batho ba tsebang ho bua, ho bala le ho ngola Senyesemane hantle.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Banyalani ba ka kōptjoa ke Komiti ea Lekala la habo bona hore ba etse kōpo.
Lade le Monique ba United States ba sebeletsa Afrika. Lade o re: “Sekolo sa Gileade se ile sa re koetlisetsa ho sebeletsa kae kapa kae lefatšeng, hore re fine lihempe ’me re sebetse le bara le barali babo rōna ba ratehang.”
Monique o phaella ka ho re: “Ha ke sebelisa seo ke ithutileng sona Lentsoeng la Molimo, ke thabela tšebeletso ea ka haholo. Ke nka hore thabo eo ke pontšo ea hore Jehova oa re rata.”
Sekolo sa Litho Tsa Komiti ea Lekala le Basali ba Bona
Morero: Ho thusa ba sebeletsang Komiting ea Lekala hore ba tsebe ho tsamaisa malapa a Bethele, ho sebetsana le litaba tsa liphutheho, ho hlokomela lipotoloho le litereke tse tšimong ea habo bona. Ba boetse ba ithuta ka mosebetsi oa phetolelo, oa khatiso le oa thomello ea lingoliloeng.
Nako: Likhoeli tse peli.
Sebaka: Watchtower Educational Center, Patterson, New York, U.S.A.
Litšoaneleho: Mor’abo rōna e lokela hore e be ke setho sa Komiti ea Lekala kapa sa Komiti ea Naha kapa ba seng ba abetsoe hore e tla ba litho tsa e ’ngoe ea likomiti tseo.
Kamoo Motho a ka Ingolisang Kateng: Barab’abo rōna le basali ba bona ba mengoa ke Sehlopha se Busang.
Lowell le Cara, ba neng ba le sehlopheng sa bo25, ba sebeletsa Nigeria. Lowell o re: “Ke ile ka hopotsoa hore ho sa tsotellehe hore na ke phathahane hakae kapa hore na ke fuoe mosebetsi ofe, ntho e hlokahalang hore motho a khahlise Jehova, ke hore a etse lintho ka tsela eo a reng li etsoe ka eona. Sekolong seo re ile ra boela ra rutoa hore ke habohlokoa hore re etsise lerato leo Jehova a tšoarang bahlanka ba hae ka lona.”
Cara o phaella ka ho re: “Ntlha eo ho ileng ha buuoa ka eona sekolong sena eo ke lulang ke nahana ka eona ke ena, ‘Haeba ke sa khone ho hlalosa taba ka tsela e bonolo, ke lokela ho ithuta eona haholoanyane pele ke leka ho e ruta ba bang.’”