“Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Limakasine ka . . .”
Ka tloaelo, Sebokeng sa Tšebeletso sa khoeli le khoeli re ba le puo ea ho tsamaisa limakasine. Morero oa eona hase ho hlahloba seo limakasine li buang ka sona. Ho e-na le hoo, morero oa puo ena ke ho buisana ka litsela tseo re ka tsamaisang limakasine ka tsona. Kahoo, ho latela litaelo, mor’abo rōna ea abetsoeng puo ena o etsa kenyelletso e khutšoanyane haholo ho tsosa tjantjello ea bahoeletsi bakeng sa limakasine. Ka mor’a moo, o nka litlhahiso tsa bahoeletsi sehloohong ka seng ka nako (kapa letotong la lihlooho), e le hore bohle ba ka latela le ho mamela hore na ke lintlha life tseo ba batlang ho li sebelisa. Ho e-na le ho kōpa bamameli ho bolela ka bokhutšoanyane seo ba tla se bua, o re ba bolele lipotso tse ka thahaselloang ke batho bao re buisanang le bona ebe o kōpa litlhahiso tsa hore na ho ka baloa lengolo lefe. O phethela ka ho suthela pontšo ea makasine ka ʼngoe. Re khothalletsoa ho hlahloba limakasine esale pele le ho ba malala-a-laotsoe ho fana ka litlhahiso tsa rōna. Ha bohle ba lokisetsa hantle, puo ena e tla re thusa ho leotsana lifahleho.—Liprov. 27:17.