Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka February: Tsamaisa e ’ngoe ea libukana tsena tse latelang tse maqephe a 32: Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? Ha u etsa leeto la ho boela, leka ho qalisa thuto ea Bibele u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba e le eona e loketseng motho eo u buisanang le eena. March le April: Makasine ea Molula-Qhooa le eaTsoha! Ha u etsa leeto la ho boela, buella buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba e le eona e loketseng motho eo u buisanang le eena, ʼme u leke ho qalisa thuto ea Bibele. May: Tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? kapa pampitšana leha e le efe e teng setokong sa phutheho. Haeba motho a bontša thahasello, mo bontše hore na thuto ea Bibele e khannoa joang u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng.
◼ Sehlooho sa puo e khethehileng e tla fanoa nakong ea Sehopotso ka 2013 se re, “Na ha Motho a E-shoa ho Felile ka Eena?”
◼ Ho hatisitsoe kemiso e ncha ea puo ea Sehopotso e tla sebelisoa ho tloha ka 2013, ʼme libui tsohle li lokela ho e sebelisa. Sehlooho sa eona se re, “Bontša Hore U Ananela Seo Kreste a U Etselitseng Sona!”
◼ Letšolo la tšimo e sa abuoang ea 2012 le ile la atleha haholo. Tšimong ea lekala la rōna tokisetso ena e ile ea tšehetsoa ke liphutheho tse 433 le bahoeletsi ba 7 987. Ba ile ba fa batho ba thahasellang libuka tse 8 829, libukana tse 32 682 le limakasine tse 82 795, ʼme sena se ile sa fella ka hore ho etsoe maeto a ho boela a 5 062 le hore ho khannoe lithuto tsa Bibele tse 778. Hona joale re lebeletse ka tjantjello ho sebetsa tšimo e sa abuoang ea 2013.