Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 4 March
BEKE E QALANG KA LA 4 MARCH
Pina ea 62 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 6 ¶7-12, lebokose le ho leq. 73 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Mareka 9-12 (10 mets.)
No. 1: Mareka 11:19–12:11 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na Motho o Otleloa Libe Tsa Hae Hape Kamor’a Lefu?—rs leq. 353 ¶5–leq. 354 ¶2 (5 mets.)
No. 3: Lebaka Leo ka Lona ho Inehela ho Molimo ho Tlisang Thabo—Liketso 20:35 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Limakasine ka March. Puisano. Tšohlang lipotso tse latelang le bamameli: Ha e le mafelo-beke, nakong ea ho tsamaisa limemo, ke eng se tla re thusa ho etsa qeto ea hore na re fana ka limakasine kapa che. Ha u qeta ho buella memo, u ka re’ng ha u buella limakasine? Le hoja mehlala ea seo u ka buang le batho ka sona e e-na le lipotso le mangolo, ebe u ka khutsufatsa nehelano ea hao joang? Suthela pontšo ea hore na makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoa joang hammoho le memo.
10 mets: Rua Molemo ka Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2013. Puisano. Hlahloba ka bokhutšoanyane temana ea selemo e fumanehang leqepheng la 3-4 le sehlooho se reng, “Mokhoa oa ho Sebelisa Bukana Ena,” se leqepheng la 5. Ebe u kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke nako efe eo ba e beheletseng ka thōko hore ba buisane ka temana ea letsatsi le kamoo ba ruileng molemo kateng. Liela likhala ka ho khothalletsa bohle hore ba hlahlobe temana ea letsatsi, letsatsi le leng le le leng.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
Pina ea 119 le Thapelo