Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/13 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Na ke Hloka Thelefono ea Cellular?
    Tsoha!—2002
  • Sebelisa Theknoloji ka Tsela e Nahanelang le e Baballang
    Tsoha!—2009
  • Theknoloji e Hloa Mekoalaba
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 4/13 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Ke melao-motheo efe ea Bibele e sebetsang tabeng ea ho sebelisa liselefouno ha re le libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong ea tšimo?

“Ho na le Nako e Behiloeng Bakeng sa Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe.” (Moek. 3:1): Liselefouno li thusa batho hore ba romellane melaetsa kapa ba buisane le ba bang hoo e ka bang ka nako leha e le efe. Leha ho le joalo, ho na le linako tseo ka tsona Bakreste ba sa lokelang ho lumella liselefouno ho ba sitisa. Ka mohlala, libokeng tsa rōna ke moo re rapelang Jehova, re fumanang thupelo ea moea le moo re thabelang ho khothatsana. (Deut. 31:12; Pes. 22:22; Bar. 1:11, 12) Na re ka tima liselefouno tsa rōna ha re fihla libokeng ’me ra bala melaetsa ea rōna kamor’a hore re tlohe libokeng? Haeba ka lebaka la boemo ba tšohanyetso ho hlokahala hore re se ke ra tima liselefouno tsa rōna, re lokela ho li seta hore li se ke tsa sitisa ba bang.

“Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo.” (1 Bakor. 9:23): Ka linako tse ling, ho na le mabaka a utloahalang a hore ha re le tšebeletsong ea tšimo re sebelise liselefouno. Ka mohlala, mor’abo rōna ea etellang pele a ka e sebelisa hore a utloe hore na ba bang ba ntseng ba paka karolong e ’ngoe ea tšimo ba ntse ba e-ea joang. Ka linako tse ling bahoeletsi ba sebelisa liselefouno ho letsetsa motho ea thahasellang kapa seithuti sa Bibele pele ba e-ea ho sona, haholo-holo haeba se lula hōle haholo. Haeba re tšoere liselefouno tsa rōna re lokela ho etsa bonnete ba hore li ke ke tsa re sitisa ha re ntse re bua le mong’a ntlo. (2 Bakor. 6:3) Ha re ntse re emetse bahoeletsi ba bang, ho e-na le hore re romele melaetsa kapa re letsetse metsoalle, na ho ke ke ha e-ba molemo ho lebisa tlhokomelo ea rōna tšebeletsong le ho bao re sebetsang le bona?

Nahanela ba Bang. (1 Bakor. 10:24; Bafil. 2:4): Le ka mohla ha re batle ho nka habobebe taba ea ho fihla ka nako sebokeng sa tšebeletso ea tšimo, hobane re nahana hore re tla letsetsa motho e mong kapa re mo romelle molaetsa hore re fumane hore na sehlopha se ntse se paka hokae. Ha re fihla kamor’a nako, sehlopha se lokela ho hlophisoa hape. Ke ’nete hore ka linako tse ling maemo a ke keng a qojoa a ka etsa hore re siuoe ke nako. Leha ho le joalo, ha re itloaetsa ho fihla ka nako, re bontša hore re amehile ka lintho tseo Jehova a amehileng ka tsona ebile re nahanela mor’abo rōna ea etellang pele le bahoeletsi ’moho le rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela