Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Kenyelletso
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Haeba kenyelletso ea rōna e se monate, motho eo re buang le eena a ka ’na a khaoletsa moqoqo pele re mo pakela. Ka lebaka leo, bahoeletsi ba bangata ba nka hore kenyelletso ke ea bohlokoa haholo. Le hoja Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso le bukeng ea Ho Bea Mabaka ho e-na le mehlala ea seo re ka se buang le batho, hase kamehla re fuoang likenyelletso tse feletseng e leng se re thusang hore re tenyetsehe. Ke ’nete hore re fuoe mohlala oa seo re ka se buang le batho empa bahoeletsi ba ka ’na ba khetha ho o fetola kapa ho iketsetsa kenyelletso e ’ngoe. Kahoo, re tla atleha haholoanyane haeba re lokisetsa kenyelletso ea rōna ka hloko ho e-na le hore re bue ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e itlelang likelellong tsa rōna.—Liprov. 15:28.
U ka Leka Sena Khoeling Ena:
Nakong ea borapeli ba lelapa behella ka thōko nako ea ho lokisetsa likenyelletso le ea ho itlhakisetsa tsona.
Ha u le tšimong, buisana le bahoeletsi ba bang ka seo u ikemiselitseng ho bua ka sona. (Liprov. 27:17) Fetola kenyelletso ea hao haeba e sa sebetse.